Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Eitse ha Moshe a theoha thabeng ya Sinai, a theoha thabeng a tshwere matlapa a mabedi a bopaki matsohong a hae, mme o ne a sa tsebe hobane letlalo la sefahleho sa hae le a kganya, kahobane a ne a buile le Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Moshe a theoha thabeng ya Sinai, matsohong a nkile matlapa a mabedi a ngotsweng Molao. Ha a theoha thabeng, o ne a sa tsebe hore sefahleho sa hae se a kganya, ka baka la ho buisana le Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:29
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bana ba Iseraele ha ba e bona, ba botsana ba re: Ke eng eo? Hobane ba ne ba sa tsebe hoba keng. Yaba Moshe o re ho bona: Ke bona bohobe boo Jehova a le neang bona, hore le bo je.


Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.


Yaba Moshe o a kgutla, a theoha thabeng, a ena le matlapa a mabedi a bopaki matsohong a hae; matlapa ao a ne a ngodilwe ka nqa tse pedi, a ngodilwe ka kwano le ka kwana.


Bana ba Iseraele ba ne ba bona hoba letlalo la sefahleho sa Moshe le a kganya; Moshe a boele a busetse lesira sefahlehong sa hae, ho fihlela a boela a kena ho ya bua le Jehova.


Ya lekanang le ya bohlale ke mang? Mme ke mang ya ka tsebang ho hlalosetsa taba na? Bohlale ba motho bo edisa sefahlelo sa hae, mme bo fetola bothata ba sefahlelo sa hae.


A fetoha pontsheng ho bona; sefahleho sa hae sa kganya jwaloka letsatsi, mme diaparo tsa hae tsa eba tshweu jwaloka lesedi,


Eitse hobane a kgutle, a ba fumana ba boetse ba robetse; hobane mahlo a bona a ne a le boima; ba ne ba sa tsebe seo ba ka mo arabang sona.


Hobane o ne a sa tsebe seo a se bolelang, etswe ba ne ba tshohile haholo.


A re ho bona: Le ne le mpatlelang? Na le ne le sa tsebe hoba ke tshwanetse ho ba teng ditabeng tsa Ntate na?


A re a sa ntse a rapela, ponahalo ya sefahleho sa hae ya fetoha, mme diaparo tsa hae tsa sweufala, tsa kganya.


Ya fodisitsweng o ne a sa mo tsebe hore ke mang; hobane Jesu o ne a nyametse hara bongata bo neng bo le moo.


Yaba o tswa, a le latela. O ne a sa tsebe hobane se etswang ke lengeloi ke nnete; empa o ne a hloma eka o bona pono ya mohlolo.


Pauluse a re: Banabeso, ke ne ke sa tsebe hoba ke moprista e moholo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O se ke wa bua hampe ka morena wa setjhaba sa heno.


Mme bohle ba dutseng kgotla ha ba mo hlaba ka mahlo, ba bona sefahleho sa hae se le jwaloka sefahleho sa lengeloi.


Ha re etse jwaloka Moshe ya neng a ipea lesira mahlong, bana ba Iseraele ba tle ba se ke ba tadima qetello ya ntho e felang.


Ka kgutla, ka theoha thabeng, ka bea matlapa arekeng eo ke e entseng, mme a dula teng jwalokaha Jehova a ne a ntaetse.


Empa mosadi a nka banna ba babedi bao, a ba pata, mme a re: Efela ho tlile banna ha ka, mme ha ke a ka ka ba tseba hobane ke ba tswang kae.


Morena wa Ai ha a bona hoo, banna ba motse ba akofa ba tsohela, ba tswela lehwatateng ho kgahlanyetsa Baiseraele, moo ho kgethilweng, e le yena le batho bohle ba hae; empa o ne a sa tsebe hobane o beetswe mekgahlelo kamora motse.


O ne a tshwere dinaledi tse supileng letsohong le letona la hae, mme sabole e ntjhotjho, e leoditsweng ka nqa tse pedi, e ne e tswa molomong wa hae; sefahleho sa hae se ne se tshwana le letsatsi ha le kganya ka matla a lona.


Yaba ke bona lengeloi le leng le matla, le theohang lehodimong, le ipopileng ka leru, le rwetse mookodi hloohong; sefahleho sa lona se ne se le jwaloka letsatsi, le maoto a lona e ne e ka ditshiya tsa mollo;


A re ho yena: Samsone Bafilesta ke bao hodima hao. Yaba o tsoha borokong ba hae, a re: Ke tla phonyoha jwaloka mehla, ke inamolele matsohong a bona; athe ha a tsebe hobane Jehova o mo furaletse.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ