Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Moshe a ba le Jehova matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, a sa je bohobe, a sa nwe metsi; a ngola matlapeng mantswe a selekane, e leng mantswe a leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Moshe a hlola moo le Morena ka matsatsi a mashome a mane, le ka masiu a mashome a mane, a sa je, a sa nwe. Morena a ngola mantswe a selekane matlapeng, e leng melao e leshome.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:28
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tsoha, a ja, a nwa, mme ka matla a dijo tseo a tsamaya matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, a ba a fihla Horebe, thabeng ya Modimo.


Moshe a kena lerung, a hlwella thabeng, mme Moshe a hlola thabeng matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane.


Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.


Matlapa ao e ne e le mosebetsi wa Modimo; lengolo e ne e le lengolo la Modimo, le ngodilweng matlapeng.


Yaba Jehova o re ho Moshe: O betle matlapa a mabedi a kang a pele, mme ke tla ngola matlapeng mantswe a neng a le matlapeng a pele ao o a bolaileng.


Jehova a araba, a re: Bona, ke hlaba selekane; ke tla etsa, pontsheng ya setjhaba sa hao kaofela, mehlolo e sa kang ya etswa kae le kae lefatsheng, leha e le tjhabeng sefe le sefe; setjhaba sohle seo o leng hara sona, se tla bona mosebetsi wa Jehova oo ke tla o sebetsa ka wena, hoba ke o tshabehang hakakang.


A dula a itimile dijo ka matsatsi a mashome a mane le ka masiu a mashome a mane, a ntoo lapa.


A lekwa teng ke Diabolose ka matsatsi a mashome a mane, a sa je letho ka matsatsi ao; a ntoo lapa ho feleng ha wona.


Mme ekare ha tshebeletso ya lefu, e ngodilweng ka diletere tse betlilweng majweng, e ne e na le kganya e kgolo, bana ba Iseraele ba ba ba sitwa ho tadima Moshe mahlong, ka baka la kganya ya sefahleho sa hae, athe ke e neng e tla fela;


Haele nna, ka hlola thabeng matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, jwaloka mohla pele. Jehova a boela a nkutlwa le mohlang oo; mme Jehova ha a ka a rata ho o timetsa.


Ka kgutla, ka theoha thabeng, ka bea matlapa arekeng eo ke e entseng, mme a dula teng jwalokaha Jehova a ne a ntaetse.


A le tsebisa selekane sa hae, seo a le laetseng hore le etse ka sona, mantswe a leshome; mme a a ngola matlapeng a mabedi.


Ka itihela fatshe pela Jehova jwaloka pele, ka matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi, ka baka la dibe tsohle tsa lona, tseo le di entseng ka ho etsa bobe pela Jehova, ho mo phephetsa.


Efela ka itihela fatshe pela Jehova ka matsatsi a mashome a mane le masiu a mashome a mane, jwalokaha ke ne ke itihetse pele, kahobane Jehova a ne a itse, o rata ho le fedisa.


Eitse ha ke nyolohela thabeng ho ya nka matlapa, matlapa a selekane seo Jehova a se entseng le lona, ka hlola thabeng matsatsi a mashome a mane, le masiu a mashome a mane, ke sa je bohobe, ke sa nwe metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ