Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Hape, Jehova a re ho Moshe: Ngola mantswe ana, hobane ke entse selekane le wena le Iseraele ka mantswe ana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Morena a re ho Moshe: “Ingolle mantswe ana, hobane ke ka mantswe ana ke etsang selekane sa ka le wena, le Iseraele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:27
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o re ho Moshe: Ngola taba ena bukeng, e be kgopotso, o be o e phete ditsebeng tsa Joshua, hoba ruri ke tla timeletsa le ho hopolwa ha Amaleke katlasa lehodimo.


Moshe a ngola mantswe wohle a Jehova. Yaba o tsoha e sa le hosasa, a haha aletare tlasa thaba, a hloma le majwe a leshome le metso e mmedi ho lekana le meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


A ba a nka buka ya selekane, a e balla setjhaba; mme ba re: Tseo tsohle Jehova a di boletseng, re tla di etsa le ho di utlwa.


Jehova a araba, a re: Bona, ke hlaba selekane; ke tla etsa, pontsheng ya setjhaba sa hao kaofela, mehlolo e sa kang ya etswa kae le kae lefatsheng, leha e le tjhabeng sefe le sefe; setjhaba sohle seo o leng hara sona, se tla bona mosebetsi wa Jehova oo ke tla o sebetsa ka wena, hoba ke o tshabehang hakakang.


Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.


A le tsebisa selekane sa hae, seo a le laetseng hore le etse ka sona, mantswe a leshome; mme a a ngola matlapeng a mabedi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ