Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Hobane ke fela ke tla falatsa ditjhaba pela hao, ke atolose meedi ya hao, mme ha ho motho ya tla lakatsa fatshe la heno, mohla o nyolohang hararo ka selemo, ho ya hlaha pela Jehova, Modimo wa hao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

24 Ke tla falatsa ditjhaba tse tseleng ya lona, ke atise naha ya lona, mme ha ho ya tla honohela naha ya lona, ha le ilo hlaha kapele ho Morena Modimo wa lona, hararo ka selemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:24
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi leo, Jehova a hlaba selekane le Abrame, a re: Ditloholo tsa hao ke di neile lefatshe lena, ho nka nokeng ya Egepeta ho isa nokeng e kgolo, noka ya Eufrate;


Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.


Eitse ha Hirame, morena wa Tire, a utlwa hoba Salomone o tlotsitswe ho ba morena tulong tsa ntatae, a romela bahlanka ba hae ho yena; etswe Hirame a ne a ratile Davida le mehla.


Jaebetse a bitsa Modimo wa Iseraele, a re: Oho, o ke o ntlhohonolofatse; o atise naha ya ka; letsoho la hao le nne le be ho nna; hape, ako ntshireletse bobeng, bo tle bo se ke ba nkutlwisa bohloko. Yaba Modimo o mo sitsa ka seo a se kopileng.


Letsoso la Jehova la wela mebuso yohle ya mafatshe a teetseng Juda hare, e tle e se ke ya futuhela Josafate.


Na ha o a ka wa mo sireletsa, yena le ntlo ya hae, le tsohle tsa hae, ka nqa tsohle na? Na ha o a ka wa atlisa mosebetsi wa matsoho a hae, le ho atisa mehlape ya hae lefatsheng na?


Matswalong a ka ke phahamisetsa mehoo ya ka ho Jehova, mme o a nkaraba.


wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.


O ne o fothole morara Egepeta, wa lelekisa ditjhaba, mme wa o hloma;


Ke tla roma lengeloi le tla o etella pele, ke leleke Bakanana, le Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse;


Seo ke o laelang sona kajeno o se ele hloko; bona, ke se ke tla leleka pela hao Baamore, le Bakanana, le Bahethe, le Baferese, le Bahefe, le Bajebuse.


Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.


Le se ke la itshela sesila ka efe le efe ya ntho tseo, hobane ke ka dintho tseo kaofela ditjhaba tseo ke yang ho di lelekisa pela lona di itshetseng ditshila.


hobane ke na le wena, mme ha ho e mong ya tla bea letsoho la hae ho wena ho o etsa hampe; hobane ke na le batho ba bangata motseng ona.


Etlare hobane Jehova, Modimo wa hao, a namise meedi ya hao, jwalokaha a o boleletse, leha o ka re: Ke lakatsa ho ja nama; kahobane pelo ya hao e lakaditse ho ja nama, o tle o je nama kahohle kamoo pelo ya hao e lakatsang kateng.


Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;


Etlare ha Jehova, Modimo wa hao, a namisa meedi ya hao, kamoo a anetseng bontatao kateng, mme a o nea lefatshe lohle leo a le baletseng bontatao hore o tla ba fa lona;


Etlere ha Jehova, Modimo wa hao, a se a o kentse lefatsheng leo o yang ho le rua, mme a se a faladitse ditjhaba tse ngata pela hao, Bahethe, le Bagirgashe, le Baamore, le Bakanana, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, tjhaba tse supileng tse o fetang ka bongata le ka matla,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ