Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 34:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 O lopolle letsibolo la esele ka konyana; ha o sa le lopolle, o le robe molala. O tla lopolla letsibolo la bara ba hao; hape le se ke la hlaha pela ka le sa tshwara letho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 O tla lopolla letsibolo la tonki ka konyana; ha o sa le lopolle, o le sothe molala. Bara ba hao bohle ba matsibolo o tla ba lopolla. “Batho ba se ke ba hlaha kapele ho nna ba itsolokile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 34:20
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a re ho Arauna: Tjhe, ke tla mpe ke reke ho wena ka theko; nke ke ka hlahisetsa Jehova, Modimo wa ka, ditjheso tseo ke sa di ntshetsang letho. Ha ho le jwalo, Davida a reka seotlo le dipholo ka dishekele tsa silefera tse mashome a mahlano.


O boloke taelo ena ka nako ya yona, ka mengwaha yohle.


o tle o abele Jehova matsibolo wohle a batho, le matsibolo wohle a diphoofolo tse ho wena; tse tona ebe tsa Jehova.


Matsibolo kaofela a diesele o a lopolle ka konyana; ha o sa a lopolle, o a robe molala; matsibolo wohle a batho, baneng ba hao, o a lopolle.


Enile ya re ha Faro a ntse a hana ho re lokolla, Jehova a bolaya matsibolo kaofela a naha ya Egepeta, ho tloha matsibolong a batho, ho isa matsibolong a diphoofolo; ke ka baka lena ke hlabelang Jehova matsibolo wohle a matona. Bara ba ka kaofela ba matsibolo ke a ba lopolla.


O se ke wa dieha ho ntsha lekgetho la seo modiko wa hao o tletseng sona, le la se rothang sehatelong sa hao. O tlo o nnee letsibolo la bara ba hao.


O tla boloka mokete wa mahobe a sa lomoswang; ka matsatsi a supileng, ka nako e beilweng ya kgwedi ya Abibe, o tla ja mahobe a se nang ditomoso, jwalokaha ke o laetse; hobane ke ka yona kgwedi eo o tswileng Egepeta. Motho a se ke a hlaha pela ka a sa tshwara letho.


Letsibolo le leng le le leng la nama yohle, leo ba tla le abela Jehova, kapa e leng la batho, kapa e leng la diphoofolo, e tla ba la hao. Feela, o tla lopollisa letsibolo la motho, mme o lopolle letsibolo la phoofolo e sa hlwekang.


Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pela Jehova, Modimo wa hao, nqalong eo a tla e kgetha, mohla mokete wa mahobe a sa lomoswang, le mohla mokete wa Diveke, le mohla mokete wa Metlotlwane: ba se ke ba itlhahisa pela Jehova ba le feela;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ