Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 33:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Hape a re: O ke ke wa bona sefahlelo sa ka, hobane ha ho motho ya ka mponang, mme a phela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Morena a boela a re: “Ha o ka ke wa tseba ho bona sefahleho sa ka, hobane motho a ke ke a mpona, yaba o a phela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 33:20
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a rea nqalo eo lebitso la Peniele (sefahleho sa Modimo), ka ho re: Ke tadimane difahleho le Modimo, mme bophelo ba ka bo bolokehile.


ba bona katlasa maoto a wona mosebetsi wa safire o bonaletsang, o hlwekileng jwaloka lehodimo.


Moshe le Aarone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Iseraele ba mashome a supileng, ba nyoloha; ba bona Modimo wa Iseraele;


Yaba o re: Ke nna Modimo wa ntatao, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo. Yaba Moshe o ipata sefahleho, kahobane o tshaba ho tadima Modimo.


Jehova a re ho Moshe: Ke tla etsa le seo o se boletseng, hobane o bone mohau ho nna, mme ke o tsebile ka lebitso la hao. Moshe a re: Ako mpontshe sefahleho sa hao.


Ke ntoo tlosa letsoho la ka, mme o tla mpona kamorao; empa sefahleho sa ka, sona ha se na ho bonwa.


Yaba ke re: Ho madimabe nna, ke timetse, hobane ke motho ya melomo e ditshila, ke ahile hara setjhaba se melomo e ditshila, mme ke bone Morena, Jehova wa makgotla, ka mahlo!


Modimo ha o a ka wa bonwa ke motho le ka mohla o le mong; Mora a nnotshi, ya sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng wona.


la re: Bona, Jehova, Modimo wa rona, o re bontshitse kganya ya hae le boholo ba hae; re utlwile lentswe la hae, le buang le le hara mollo; re bone kajeno ha Modimo o bua le motho, mme motho a phela.


e leng yena a nnotshi ya nang le ho se shwe, ya ikahetseng leseding le sa atamelweng, eo ho seng le a mong ho batho ya kileng a mmona, eo ho seng ya ka mmonang, eo hlompho le matla a sa feleng e leng tsa hae. Amen!


Ke ho lefe ho mangeloi o kileng wa re, le ka mohla o le mong: Dula letsohong la ka le letona, ke be ke etse bao e leng dira ho wena bonamelo ba maoto a hao?


Manowa a ba a re ho mosadi wa hae: Re tla shwela ruri, hobane re bone Modimo.


Kahoo, Gideone a bona hobane ke lengeloi la Jehova. Gideone a re: Ho madimabe nna, Monghadi Jehova, hobane ke bone lengeloi la Jehova, re tadimane difahleho le lona!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ