Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 32:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Jehova a re ho Moshe: Ya ntshitelwang, ke yena eo ke tla mo hlakola bukeng ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Yaba Morena o re ho Moshe: “Ya ntshitetsweng ke yena eo ke tla mo hlakola bukeng ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 32:33
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba hlakolwe bukeng ya ba phelang, ba se ke ba ngolwa le ba lokileng!


Haele nna, ke hlomohile, ke bohloko; thuso ya hao, Modimo, e ke e mpee nqalong e phahameng.


O kgalemela ditjhaba, o timetsa bakgopo, o hlakola lebitso la bona kamehla le mehla, ka ho sa yeng kae.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Ngola taba ena bukeng, e be kgopotso, o be o e phete ditsebeng tsa Joshua, hoba ruri ke tla timeletsa le ho hopolwa ha Amaleke katlasa lehodimo.


Moya o etsang sebe, ke wona o tla shwa. Mora motho eo a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba ntatae, mme motho a ke ke a jara letho la molato wa bokgopo ba mora wa hae; ho loka ha ya lokileng ho tla ba hodima hae, bokgopo ba e mobe bo be hodima hae le bona.


Bonang, meya yohle ke ya ka; moya wa ngwana le moya wa ntatae ke ya ka hammoho; moya o etsang sebe ke wona o tla shwa.


Motho e mong le e mong ya tlang ho sebetsa mosebetsi ka letsatsi leo, ke tla mo timetsa hara setjhaba sa habo. Le se ke la etsa mosebetsi le o mong.


Jehova o tla hana ho mo tshwarela; empa kgalefo ya Jehova le poulelo ya hae di tla tukela motho eo; dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena di tla mo wela hodimo; mme Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlasa lehodimo.


Le wena, molekanaka wa sebele jokong, ke a o rapela, ke re, o thuse basadi bao ba ntlatsitseng Evangeling, ba ena le Klemense, le bantshebedisi ba bang, bao mabitso a bona a ngodilweng bukeng ya bophelo.


Mme se tla rapelwa ke bohle ba ahileng lefatsheng bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng, esale lefatshe le thewa.


Ka ntoo bona bafu ba banyenyane le ba baholo ba eme pela terone; ha phetlwa dibuka; ha phetlwa le buka e nngwe, e leng buka ya bophelo; mme bafu ba ahlolwa ka tse ngodilweng dibukeng tseo, e leng ka mesebetsi ya bona.


Ya hlolang, yena o tla apeswa diaparo tse tshweu, mme nke ke ka hlakola lebitso la hae bukeng ya bophelo, empa ke tla bolela lebitso la hae pela Ntate le pela mangeloi a hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ