Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 31:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka matsatsi a tsheletseng ho tla sebetswa, mme la bosupa e tla ba la Sabatha, la phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi ka tsatsi la Sabatha, a bolawe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Ho ka sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke la Sabatha, la ho phomola, mme le a halalela ho Morena. Bohle ba ka etsang mesebetsi ka letsatsi la Sabatha, ruri ba tla bolawa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 31:15
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa phetha ka letsatsi la bosupa mosebetsi oo o o entseng; mme ka tsatsi la bosupa wa phomola mosebetsing wohle oo o o entseng.


A re ho bona: Ke yona taba e boletsweng ke Jehova: Hosasane ke tsatsi la phomolo, e leng Sabatha e kgethetsweng Jehova; boo le bo apehang le bo apehe kajeno, le bese boo le bo besang; bo salang kaofela le bo beele hosasane.


Le tla nne le ole ka matsatsi a tsheletseng, empa tsatsi la bosupa ke Sabatha, ka lona ha ho ka ke ha eba letho.


O tla etsa mosebetsi wa hao ka matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka la bosupa, hore kgomo ya hao le esele ya hao di phomole le tsona, le hore mora lekgoba la hao le moditjhaba ba kgatholohe.


Le boloke tsatsi la Sabatha, hobane, ho lona e tla ba le kgethehileng; ya le hlomphollang a bolawe; hobane ekare ha e mong a ka etsa mosebetsi tsatsing leo, motho eo a ke a kgaolwe tjhabeng sa habo.


Bana ba Iseraele ba tla boloka la Sabatha, hore ba boloke Sabatha melokong ya bona, e be selekane sa kamehla.


Ke pontsho ya kamehla mahareng a ka le bana ba Iseraele; hobane ka matsatsi a tsheletseng, Jehova o entse mahodimo le lefatshe, mme ka la bosupa o phomotse, a kgatholoha.


O tla sebetsa matsatsi a tsheletseng, mme o phomole ka letsatsi la bosupa; o phomole jwalo ha ho lengwa, leha ho kotulwa.


Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, mme letsatsi la bosupa ho lona e tla ba Sabatha ya phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi tsatsing leo, o tla bolawa.


Le se ke la besa mollo matlung wohle a lona ka tsatsi la Sabatha.


Morena Jehova o re: Monyako wa lebala le kahare, o tadimileng ka nqa botjhabela, o tla kwalwa ka matsatsi a tsheletseng a ho sebetsa; empa ka tsatsi la Sabatha, o tla bulwa; o tla bulwa le ka letsatsi la kgwedi ha e thwasa.


Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, ke wona ona: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi, le tla hlomola dipelo tsa lona; le tla lesa mesebetsi yohle, kapa e leng ba tswaletsweng ha habo lona, kapa e leng ba jakileng hara lona.


Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke Sabatha, ke letsatsi la phomolo; ka lona phutheho e halalelang e tla ba teng. Le se ke la sebetsa mosebetsi leha o le mong; ke Sabatha ya Jehova meahong ya lona kaofela.


Ho lona e tla ba Sabatha, letsatsi la phomolo; le tla hlomola meya ya lona; ho tloha mantsiboya a letsatsi la boroba mono o le mong ho isa mantsiboya a le hlahlamang, le tla boloka Sabatha ya lona.


Empa mmusi wa sinagoge a hlonama ke hobane Jesu a fodisitse motho ka Sabatha, mme a bolella batho, a re: Matsatsi a tsheletse ao e ka kgonang ho sebetswe ka wona; le no tla ka wona ho tla fodiswa, e seng ka letsatsi la Sabatha.


Ba kgutla, ba lokisa dinoko le ditlolo; mme ka letsatsi la Sabatha, ba phomola ka molao.


Boloka letsatsi la phomolo ho le kgetha, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse.


Ha ho le jwalo, phomolo e teng e saletseng setjhaba sa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ