Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 31:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ako bue le bana ba Iseraele, o re: Le fele le boloke Disabatha tsa ka, hobane ke pontsho mahareng a ka le lona, melokong ya lona, e le hore le tsebe hoba ke nna Jehova ya le kgethileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 “Wena o bue le bana ba Iseraele, o re: ‘Ruri le tla boloka Disabatha tsa ka, hobane ke sesupo pakeng tsa ka le lona, le meloko yohle ya lona, hore le tsebe hore ke nna Morena, mohalaletsi wa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 31:13
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa ba tsebisa Sabatha ya hao e halalelang, mme wa ba beela ditaelo le ditemoso le molao ka Moshe, mohlanka wa hao.


Ke pontsho ya kamehla mahareng a ka le bana ba Iseraele; hobane ka matsatsi a tsheletseng, Jehova o entse mahodimo le lefatshe, mme ka la bosupa o phomotse, a kgatholoha.


Ho lehlohonolo motho ya etsang hoo, le ngwana motho ya tiisetsang teng, ya bolokang Sabatha, a tle a se ke a e silafatsa, mme a tshabisa letsoho la hae, le tle le se ke la senya le hanyenyane!


Le se ke la ntsha phahlo matlung a lona ka tsatsi la Sabatha; le se ke la etsa mosebetsi leha o le mong; le mpe le kgethe letsatsi la Sabatha kamoo ke laetseng bontata lona kateng.


Ka ba nea le Disabatha tsa ka, hore e be pontsho mahareng a ka le bona, ya hore ba tsebe hoba ke nna Jehova ya ba halaletsang.


hape, le halaletse Disabatha tsa ka, e be pontsho mahareng a ka le lona, mme ke moo le tla tseba hoba ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ke hona ditjhaba di tla tseba hoba ke nna Jehova ya halaletsang Iseraele, ha di bona sehalalelo sa ka se le hara bona ka ho sa feleng.


Dinyeweng ba tla ema, ba ahlole ka dikahlolo tsa ka, ba ahlole jwalo; meketeng ba tla boloka melao ya ka le dikomelo tsa ka, ba halaletse Disabatha tsa ka.


E mong le e mong ho lona a hlonephe ntatae le mmae, mme le boloke Disabatha tsa ka. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Le boloke Disabatha tsa ka, mme le hlomphe nqalo e halalelang ya ka. Ke nna Jehova.


Le boloke melao ya ka, le ye ka yona. Ke nna Jehova ya le halaletsang.


O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang.


Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa ke Sabatha, ke letsatsi la phomolo; ka lona phutheho e halalelang e tla ba teng. Le se ke la sebetsa mosebetsi leha o le mong; ke Sabatha ya Jehova meahong ya lona kaofela.


Bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: Etlare hobane le kene naheng eo ke le neang yona, lefatshe le tla lala, ebe Sabatha e hlomphang Jehova.


Bolokang Disabatha tsa ka, mme le hlonephe sehalalelo sa ka. Ke nna Jehova.


Tsatsi la kgwedi e thwasang le tla feta neng, re tle re rekise ka koro? Le Sabatha e tla feta neng, re tle re bule menyako ya mediko ya koro, re tswe re fokotsa tekanyo, re hodisa theko, re fosisa dikala ka ho thetsa?


Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kgauta, kapa a ke tempele e halaletsang kgauta na?


O ba halaletse ka nnete ya hao; lentswe la hao ke nnete.


Mme ke ikgalalletsa bona, hore le bona ba halaletswe ka nnete.


Boloka letsatsi la phomolo ho le kgetha, jwalokaha Jehova, Modimo wa hao, a o laetse.


Modimo wa kgotso, wona ka sebele, o le halaletse, o le etse ba phethehileng; kaofela ha moya wa lona, le ha pelo ya lona, le ha mmele wa lona, ho bolokelwe ho hlaheng ha Morena wa rona Jesu Kreste ho se na sekodi.


Ke le Juda, mohlanka wa Jesu Kreste, le ngwanabo Jakobo, ke ngolla ba bitsitsweng, ba ratilweng ke Modimo Ntate, ba boloketsweng Jesu Kreste, ke re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ