Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 30:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 o di etse dibano tse monko o monate, ka mokgwa wa motswaki wa tse monko o monate, di be letswai, hape e be tse hlwekileng, tse kgethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Ka tsona o tle o etse mokubetso o tswakilweng jwaloka setlolo se tswakilweng ke setsebi sa ditlolo; o nokilweng ka letswai le hlwekileng, o halalelang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 30:35
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moprista Tsadoke a nka lenaka la ole tenteng, mme a tlotsa Salomone; ha letswa diterompeta, mme batho bohle ba re: Ha ho phele morena Salomone!


Dibano tse tswakilweng di ne di etswa ke bara ba baprista.


Ho jwaloka ole e hlokwang, e tshelwang hloohong, e qhitsetsang ditedung, ditedung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong wa seaparo sa hae.


o ntoo apesa Aarone, moholwane wa hao, hammoho le bara ba hae. O tla ba tlotsa, o ba hlwekise, o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


Ka tseo, o tla etsa ole ya setlolo e kgethehileng, tswako e monko o monate, e entsweng ka mokgwa wa motswaki wa tse nkgang hamonate. E tla ba ole ya setlolo e kgethehileng.


Hape, Jehova a re ho Moshe: O nke ntho tse monko o monate, setakte, le dikgetla tse monko o monate, le kgalbano, le dibano tse hlwekileng; di ke di lekane ka boima;


O di tudisise haholo, o di bee pela bopaki, tenteng ya pokano, moo ke tla teana le wena teng; ho lona e tla ba ntho e kgethehileng haholo.


Ole le tse nkgang hamonate di thabisa pelo, ho jwalo keletso e tswang pelong ya motswalle ya mosa.


Menkwane ya hao e nkga hamonate; lebitso la hao eka setlolo se qhatseditsweng; barwetsana ba o rata ke hona.


Ke mang elwa ya nyolohang feelleng jwaloka ditopallo tsa mosi, ya arubeditsweng ka mirra le dibano le mearubetso yohle ya bahwebi?


O tla nka pitsana ya dibano e tletseng mashala a hlenneng a okgilweng aletareng pela Jehova, mme o tla ngwatha habedi dibano tse nkgang hamonate tse hlahlathilweng, mme o tla isa ntho tseo kamora lesira.


O tla noka ka letswai nyehelo tsohle tseo o di hlahisang; o ke ke wa lebala le ka mohla o le mong letswai la selekane sa Modimo wa hao nyehelong ya hao; o tla kenya letswai nyehelong e nngwe le e nngwe eo o e hlahisang.


Yaba Maria o nka ponto ya setlolo sa nareda e hlwekileng e theko e thata, a tlotsa maoto a Jesu, mme a mo hlakola maoto ka moriri wa hae. Ntlo ya ya ba ya tlala monkgo wa setlolo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ