Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:46 - Sesotho 1909/1961 (SO)

46 ba tla tseba hoba ke Jehova, Modimo wa bona, ya ba ntshitseng lefatsheng la Egepeta, hore ke tle ke ahe hara bona: Ke nna Jehova, Modimo wa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

46 Ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa bona, ya ba ntshitseng naheng ya Egepeta, hore ke tle ke ahe hara bona. Ke nna Morena Modimo wa bona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:46
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa fale Modimo o fela o ka aha le motho lefatsheng na? Bona, esita mahodimo, le mahodimo a mahodimo a ke ke a o lekana; haholo ntlo ena eo ke e hahileng!


Juda a fetoha sehalalelo sa Jehova, Iseraele ya eba mmuso wa hae.


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Ba tla nketsetsa nqalo e halalelang, ke tle ke dule hara bona.


Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.


Na o rata keng ho ba jwaloka motho ya maketseng, jwaloka senatla se sitwang ho pholosa? Kanthe Jehova, o ntse o le hara rona, lebitso la hao le ntse le bitswa hodima rona; o se ke wa re tlohela.


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ere ho bona: Morena Jehova o re: Mohla ke neng ke kgetha Iseraele, ke neng ke emisetsa ditloholo tsa ntlo ya Jakobo letsoho la ka, ke ipolelang ho bona naheng ya Egepeta, ke ba emisetsang letsoho la ka, ke reng, ke nna Jehova, Modimo wa lona,


Nna, ke le Jehova, ke tla ba Modimo wa tsona, mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena hara tsona. Ke nna Jehova ke boletseng tseo.


hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona; le tshwanetse ho ikgetha, le be le halalele, hobane ke a halalela; ka baka lena, le tse ke la tshela mmele ya lona ditshila ka tse hahabang fatshe.


Le boloke melao ya ka, mme le se ke la etsa leha o le mong wa mekgwa e manyala e neng e etswa le eso ho kene, mme le se ke la itshela ditshila ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, o re ho bona: Halalelang, hobane ke a halalela, nna Jehova, Modimo wa lona.


Ke tla nne ke ahe hara lona, mme Moya wa ka o ke ke wa tenwa ke lona.


Ke tla itsamaela hara lona, ke be Modimo wa lona, lona le be setjhaba sa ka.


lentswe la selekane seo ke se hlabileng le lona, mohla le tswileng Egepeta, le moya wa ka, di eme hara lona. Se tshoheng!


Ba bokanela Moshe le Aarone, ba re ho bona: Ho lekane! Phutheho kaofela ke batho ba halalelang, mme Jehova o hara bona; ke ka baka lang ha le iphahamisitse kahodimo ho phutheho ya Jehova na?


A re ho bana ba Iseraele: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke ne ke nyolle Baiseraele Egepeta, ka ba ka le namolela matsohong a Baegepeta le matsohong a marena wohle a nnileng a le hlorisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ