Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 o hlahise konyana e nngwe le e nngwe e na le tekanyo ya leshome ya phofo e sefilweng, e dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng, le tshelo ya karolo ya bone ya hine ya veine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

40 Ha o nyehela ka konyana ya pele, o be o nyehele le ka phofo e thumisehileng e etsang boima ba kilo e le nngwe e dubilweng ka lethara e le nngwe ya ole ya mohlwaare; o nyehele le ka lethara e le nngwe ya veine.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:40
34 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jakobo o emisa sefika nqalong eo o buileng le yena ho yona, sefika sa majwe, mme a tshela nyehelo e nowang hodima sona, a ba a tshela le ole ho sona.


Yare hosasane, ka nako ya ho hlahisa sehlabelo, ba bona metsi a etla ka tsela ya Edomo, lefatshe la ba la tlala metsi.


Konyana e nngwe o tla e hlaba hosasa, konyana ya bobedi o e hlabe mantsiboya;


Konyana ya bobedi o tla e hlaba mantsiboya; o e hlahise e na le nyehelo le tshelo, jwaloka ya hosasa, e tle e be monko o monate le sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


le dishekele tse makgolo a mahlano tsa kasia, ha ho lekanngwa ka shekele ya sehalalelo, le tekanyo ya hine ya ole ya mohlwaare.


Majwana a melatswana ke kabelo ya hao, ke wona lefa la hao; o a tshela ka ditshelo tsa veine, o a beela dinyehelo. Na nka kgodiswa ke taba tse jwalo na?


Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.


Leha e le metsi ao o tla a nwa, o a nwe ka tekanyo ya botshelela ya hine; o tle o a nwe ka nako e itseng le ka nako e itseng.


Haele morena, ke yena ya tla batlela mekete, le dikgwedi tse thwasang, le Disabatha, le diphutheho tsohle tsa ntlo ya Iseraele, ditjheso le dinyehelo le ditshelo. Ke yena ya tla hlaba sehlabelo sa sebe, le nyehelo, le setjheso, le mahlabelo a teboho, ho etsetsa ntlo ya Iseraele pheko ka tsona.


Nyehelo ya hae, o tla tlisa efa ka poho e nngwe le e nngwe, le efa ka pheleu e nngwe le e nngwe; haele ole, o tla ntsha hine ka efa.


Meketeng le diphuthehong tse mnahlonoko, nyehelo e tla ba efa ka poho, le efa ka pheleu; haele dikonyana, a ntshe seo a se ratang; ole yona ho ntshuwe hine e le nngwe ka efa.


Hape, nyehelo eo o tla e hlahisa hammoho le konyana eo, ka hosasa ho hong le ho hong, e tla ba karolo ya botshelela ya efa; ole yona, o tla nka karolo ya boraro ya hine ya yona ho kolobisa phofo ya nyehelo ka yona. Ke nyehelo ya Jehova; ke taelo le komelo e sa feleng; e nne e be teng.


Nyehelo e be efa ka pheleu; haele bakeng sa dikonyana, nyehelo e tla ba seo letsoho la hae le ka se ntshang; haele ole, a ntshe hine ka efa.


Haele nyehelo ya hae, o tla hlahisa efa ka poho, le efa ka pheleu; haele ka dikonyana, o tla ntsha kamoo a ka ntshang kateng; haele ole, o tla ntsha hine ka efa.


Ha ba sa tla tshella Jehova veine, mahlabelo a bona ha a sa tla mo kgahla, bohobe ba bona bo tla ba ho bona jwaloka bohobe ba bofifi, bohle ba bo jang ba fetohe ditshila, hobane bohobe ba bona e tla ba ba bona feela, bo ke ke ba kena tlung ya Jehova.


Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.


Nyehelo le tshelo ha di sa tliswa tlung ya Jehova; baprista, bahlanka ba Jehova, ba swabile.


Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.


le tla se ekeletsa ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo e tjheswang ka mollo, e monko o monate ho Jehova: tshelo ya veine eo le tla e hlahisa e be ya karolo ya bone ya hine.


Mollo o tla nne o tuke aletareng kamehla, mme o ke ke wa leswa wa tima.


ekare ha le sitilwe ka ho se tsebe, phutheho e sa ka ya lemoha, phutheho yohle e tla hlahisa sehlabelo sa pohwana, e be setjheso se monko o monate ho Jehova, hammoho le nyehelo ya sona le tshelo ya sona e loketseng; mme le teng e hlahise phooko ya sehlabelo sa sebe.


le tshelo ya karolo ya boraro ya hine ya veine, e be monko o monate ho Jehova.


Ke sona setjheso sa Sabatha, sa Sabatha e nngwe le e nngwe, kantle ho setjheso sa kamehla le tshelo ya sona.


Le tla a hlahisa ka tsatsi le leng le le leng, ka matsatsi a supileng, e be sejo sa sehlabelo se tjheswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


nyehelo e be ya boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng tekanyong ya bone ya hine ya ole e hlwekileng.


Le tla hlahisa phooko ya sehlabelo sa sebe, kantle ho setjheso sa kamehla le ho nyehelo le tshelo.


Eleasare, mora Aarone, moprista, o tla hlahloba ole ya kandelare, le dibano tse nkgang hamonate, le sehlabelo sa kamehla, le ole ya setlolo, a hlahlobe tabernakele yohle, le tsohle tse ka ho yona, e leng tsa sehalalelo le mesebetsi ya sona.


E kae medimo e neng e eja mafura a mahlabelo a bona, e neng e enwa veine ya ditshelo tsa bona? A e eme, e le thuse, e be setshabelo sa lona.


Ekasita leha madi a ka a ka tshelwa sehlabelong le kananelong ya tumelo ya lona, teng nka thaba, ka thaba le lona bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ