Eksoda 29:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)39 Konyana e nngwe o tla e hlaba hosasa, konyana ya bobedi o e hlabe mantsiboya; အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE39 Konyana ya pele o nyehele ka yona hoseng; konyana ya bobedi o nyehele ka yona mantsiboya. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba morena Akase o laela moprista Uria, a re: Tjhesa setjheso sa hosasa aletareng e kgolo le nyehelo ya mantsiboya, le setjheso sa morena le nyehelo ya hae, le setjheso sa setjhaba sohle sa lefatshe, le nyehelo ya sona, le ditshelo tsa sona; o e fafatse ka madi a ditjheso le ka madi wohle a mahlabelo. Haele aletare ya koporo, ke tla e hopolela.
ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.