Eksoda 29:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)38 Tseo o tla di hlabela aletareng ke konyana tse pedi tse lemo se le seng, ka tsatsi le leng le le leng, kamehla yohle. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE38 “Sena ke seo o tla nyehela ka sona aletareng, ka tsatsi le leng le le leng, e le sehlabelo sa kamehla yohle: dikonyana tse pedi, tse nang le selemo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.
Bona, ke rerile ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, ke tle ke mo kgethele yona, ke mo tjhesetse dibano tse nkgang hamonate ho yona, le ho mmeela kamehla mahobe a pontsha le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le tsa Disabatha, le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo e leng tshwanelo ya Iseraele kateng, ka ho sa feleng.