Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Ka matsatsi a supileng o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe aletareng, o e halaletse. Kahoo aletare e tla halalela ka ho fetisisa, mme tsohle tse tla ama aletare ena di tla halalela.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:37
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, ha etswa phutheho e kgethehileng; ke ha ba se ba entse kgakolo ya aletare ka matsatsi a supileng le mokete ka matsatsi a mang a supileng.


Hape, o tlotse aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, mme o kgethe aletare; aletare e tla ba ntho e halalelang haholo.


O tla nka madi a mong a yona, o a bee manakeng a yona a mane, le dintlheng tse nne tsa mothati wa yona, le moqhakeng o o potolohang, mme o tla e hlatswa jwalo, le ho e phekola.


Ka matsatsi a supileng, o tla hlaba phooko ka tsatsi le leng le le leng, mme ba tla hlaba pohwana le pheleu tse hlokang sekodi.


Veke di mashome a supileng tse badilweng hodima setjhaba sa heno, le hodima motse wa heno o halalelang, ho kwalla bobe, le ho fedisa sebe, le ho phekola bokgopo, le ho hlahisa ho loka ho sa feleng, le ho tiisa pono le boporofeta, le ho tlotsa sehalaledisiso.


Ka mokgwa o jwalo, o tla etsetsa sehalalelo pheko, ka baka la ditshila tsa bana ba Iseraele, le la dibe tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla etsa jwalo le bakeng sa tente ya pokano e beilweng ho bona le hara tse sa hlwekang tsa bona.


O tla hlobola diaparo tsa hae, a apare tse ding ho thothela molora kantle ho diahelo, nqalong e hlwekileng.


a foka hasupa ka yona aletareng, mme a tlotsa aletare le dintho tsa yona, le morifi, le sedulwana sa wona, ho di kgetha.


Ekare ha motho a nkile nama e kgethehileng ka kobo ya hae, mme ka kobo ya hae a ama bohobe, leha e le moroho, kapa veine, kapa ole, kapa sejo sefe le sefe, na se tla kgetheha na? Baprista ba araba, ba re: Tjhe.


Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kgauta, kapa a ke tempele e halaletsang kgauta na?


Mawatla le difofu! ho hoholo keng? Na ke kabelo, kapa ke aletare e halaletsang kabelo na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ