Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 ba je tseo pheko e entsweng ka tsona ho ba kgethela tshebeletso, le ho ba hlwekisa; di se ke tsa jewa ke moditjhaba, hobane ke ntho tse kgethehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Ba je dintho tseo tefelo ya dibe e entsweng ka tsona, ha ba ne ba bewa, ba halaletswa. Bao e seng baprista ba se ke ba di ja, hobane di a halalela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:33
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba madimabe ba tla nne ba je, ba kgore; ba batlang Jehova ba tla bina dithoko tsa hae; dipelo tsa lona di tla phela ka ho sa feleng.


Aarone le bara ba hae ba tla ja nama ya pheleu le bohobe bo leng serotong, monyako wa tente ya pokano;


O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.


Moshe a re ho Aarone le ho Eleasare le Ithamare, bara ba hae ba babedi ba pholohileng: Nkang nyehelo e setseng ya mahlabelo a tjheseditsweng Jehova, mme le e je e sa lomoswa, kathoko ho aletare; hobane e halalela haholo.


Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Yaba o bua le Kore le letshwele la hae, a re: Ka hosasane, Jehova o tla bontsha eo e leng wa hae, le eo a mo kgethileng hore a be haufi le yena; eo a mo kgethileng, o tla mo atametsa ho yena.


Ba tla o kgomarela, ba tla boloka tsa tente ya pokano, tseo e leng tsa tshebetso yohle ya tente. Ho se be moditjhaba ya le atamelang.


Wena le bara ba hao, le tla phetha ditshwanelo tsa boprista ba lona nthong tsohle tsa aletare, le tsa tse ka nqane ho lesira; ke yona tshebetso eo le tla e etsa. Ke le nea tshebetso ya boprista ka mokgwa wa mpho feela. Moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Ba neng ba hloma ka nqa kapele ho tabernakele, ka nqa botjhabela, pela tente ya pokano, ka nqa botjhabatsatsi, e ne e le Moshe, le Aarone, ka bara ba hae, e leng bona ba baballelang bana ba Iseraele dintho tsa sehalalelo; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


mme hobane a lebohe, a bo ngwatha, a re: Nkang, le je; hona ke mmele wa ka o robelwang lona; le etse hoo, le tle le nkgopole ka hona.


Efela kamehla yohle, ha le eja bohobe boo, mme le nwela senwelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ