Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Mora wa hae, eo e tla ba moprista tulong tsa hae, ya tla kena tenteng ya pokano ho etsa tsa tshebeletso sehalalelong, o tla di apara ka tshiu tse supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Mora wa hae ya tla mo hlahlama setulong sa boprista, mme a kena ka Tenteng ya Morena ho sebeletsa, o tla apara diaparo tsena ka matsatsi a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:30
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A boela a dula ditshiu tse supileng, a ntoo ntsha leeba hape arekeng.


A lebadisa hape ditshiu tse supileng, a boela a ntsha leeba, mme ha le a ka la hlola le kgutlela ho yena.


Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.


Diaparo tse kgethehileng tsa Aarone e tla ba tsa bara ba hae, ha a se a le siyo, hore ba tle ba di apare mohla ba tlotswang, le mohla ba kgethelwang boprista.


O tla nka pheleu ya peo, o apehe nama ya yona nqalong e halalelang;


O tla etsetsa Aarone le bara ba hae jwalo, o ye ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, o tle o ba kgethele tshebeletso ka tshiu tse supileng.


Ka matsatsi a supileng, ba tla phekola aletare, ba e hlwekise, ba e kgethe.


Ka letsatsi la bosupa, moprista o tla se tadimisisa, mme ha a bona hobane bohloko bo ntse bo le jwalo, bo sa ka ba keka letlalong, moprista o tla boela a mo kwalle tlung la bobedi, ka matsatsi a supileng;


Pheko e tla etswa ke moprista ya tlotsitsweng, ya beilweng ho etsa boprista bakeng sa ntatae, mme o tla apara diaparo tsa lene, diaparo tse kgethehileng.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, Moshe a bitsa Aarone, le bara ba hae, le baholo ba Iseraele, a re ho Aarone:


Yaba Aarone o atamela pela aletare, mme namane a e hlabela sehlabelo sa sebe.


Moshe a hlobodisa Aarone dikobo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora hae. Aarone a shwela moo, qhoweng ya thaba. Mme Moshe le Eleasare ba theoha thabeng.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ