Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Diaparo tse kgethehileng tsa Aarone e tla ba tsa bara ba hae, ha a se a le siyo, hore ba tle ba di apare mohla ba tlotswang, le mohla ba kgethelwang boprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 “Diaparo tsa Arone tse halalelang e tla ba tsa bara ba hae kamora lefu la hae, e le hore ba tle ba di apare ha ba tlotswa, ba halaletswa hore e be baprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ana ha le a ka la leleka baprista ba Jehova, e leng bara ba Aarone le Balevi, mme le iketseditse baprista ka mokgwa wa ditjhaba tsa mafatshe a mang na? Mang le mang ya itlisitseng, a ena le pohwana le dipheleu tse supileng, a tle a kgethelwe boprista, o entswe moprista wa seo e seng Modimo.


O etsetse Aarone, moholwane wa hao, diaparo tse kgethehileng, tsa kganya le tsa khabiso.


Hoo ho Aarone le bara ba hae e tla ba kabelo ya kamehla hara bana ba Iseraele; hobane ke seabelo sa hlokolo; seabelo sa hlokolo se tla ba teng sa bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho. Seabelo sa bona sa hlokolo e tla ba sa Jehova.


Mora wa hae, eo e tla ba moprista tulong tsa hae, ya tla kena tenteng ya pokano ho etsa tsa tshebeletso sehalalelong, o tla di apara ka tshiu tse supileng.


O tlotse Aarone le bara ba hae, mme o ba kgethe hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


o ba tlotse, jwalokaha o tlotsitse ntata bona, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka; mme tlolo ya bona ho bona e tla ba boprista ba kamehla, melokong ya bona.


Pheko e tla etswa ke moprista ya tlotsitsweng, ya beilweng ho etsa boprista bakeng sa ntatae, mme o tla apara diaparo tsa lene, diaparo tse kgethehileng.


Jehova a re ho Aarone: Bona, ho ntho tsohle tse kgethwang ke bana ba Iseraele, ke o fa tseo ke di fuwang ka mokgwa wa kabelo; ke o fa tsona; ke di nea wena le bara ba hao e le ditokelo tsa botlotsuwa, ka molao o sa feleng.


Phutheho e tla lokolla mmolai matsohong a mophetetsi wa madi, mme e tla mo kgutlisetsa motseng wa setshabelo oo a neng a balehetse ho wona. O tla aha teng, ho be ho shwe moprista e moholo ya bileng a tlotswa ka ole e kgethehileng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ