Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Hoo ho Aarone le bara ba hae e tla ba kabelo ya kamehla hara bana ba Iseraele; hobane ke seabelo sa hlokolo; seabelo sa hlokolo se tla ba teng sa bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho. Seabelo sa bona sa hlokolo e tla ba sa Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Hona e tla ba molao wa mehla yohle, o tlamang bana ba Iseraele ho fana ka seabo ho Arone le ho bara ba hae. E tla ba seabo se tswang ho bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho, e leng seabo se etsetswang Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:28
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O etsetse Aarone, moholwane wa hao, diaparo tse kgethehileng, tsa kganya le tsa khabiso.


O kgethe sefuba sa seabelo se tsokotswang le letsoho la hlokolo, e leng se tsokoditsweng le se hlokotsweng sa pheleu ya peo, sa ya Aarone le sa ya bara ba hae.


Diaparo tse kgethehileng tsa Aarone e tla ba tsa bara ba hae, ha a se a le siyo, hore ba tle ba di apare mohla ba tlotswang, le mohla ba kgethelwang boprista.


Ekare ha e mong a nyehella Jehova ka sehlabelo sa teboho, mme a nyehela ka kgomo e tona kapa ka e tshehadi, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.


Melokong yohle ya lona, le tla abela Jehova kabelo ya hlama ya lona ya ho qala.


Lefa leo ke le fang Balevi, ke boshome ba ntho tsohle boo bana ba Iseraele ba tla bo hlahisetsa Jehova ka ho bo emisa; ke ka baka leo ke bolelang bakeng sa bona hore, ba ke ke ba eba le lefa hara bana ba Iseraele.


Dineong tsohle tseo le tla di newa, le tla nkela Jehova dikabelo. Ho tse fetisang ka molemo, le tla kgetha kabelo e kgethehileng.


Jehova a re ho Aarone: Bona, ho ntho tsohle tse kgethwang ke bana ba Iseraele, ke o fa tseo ke di fuwang ka mokgwa wa kabelo; ke o fa tsona; ke di nea wena le bara ba hao e le ditokelo tsa botlotsuwa, ka molao o sa feleng.


Moshe a hlobodisa Aarone dikobo tsa hae, a di apesa Eleasare, mora hae. Aarone a shwela moo, qhoweng ya thaba. Mme Moshe le Eleasare ba theoha thabeng.


Le tla di nka lefohlong la bona, mme o tla di nea moprista Eleasare ka mokgwa wa nyehelo e etsetswang Jehova.


Ka taelo eo Jehova a neng a mo neile yona, Moshe a nea moprista Eleasare lekgetho la Jehova ka mokgwa wa nyehelo.


Dintho tse kgethelwang e tla ba tsa hae. Ntho e tlang ho iswa ho moprista e tla ba ya hae.


Kabelo e nngwe le e nngwe ya dintho tse kgethelwang ke bana ba Iseraele, e tla ruwa ke moprista eo e iswang ho yena.


moprista o tla di tsokotsa jwaloka nyehelo e tsokotswang pela Jehova: ke ntho e kgethehileng ya moprista hammoho le sefuba se tsokotswang le letsoho le emisitsweng. Kamora tseo, monasari a ka nwa veine.


Tseo baprista ba tla ba le tokelo ya ho di nka ho ba hlahisetsang Modimo sehlabelo, ke tsena: leha e ka ba kgomo, kapa nku, ho newe moprista letsoho, le dihlaya, le mohodu.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ