Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 O kgethe sefuba sa seabelo se tsokotswang le letsoho la hlokolo, e leng se tsokoditsweng le se hlokotsweng sa pheleu ya peo, sa ya Aarone le sa ya bara ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 “O tla halaletsa sefuba seo o nyehelang ka sona, le sephaka seo sa seabo, e leng tse tswang pheleung ya kgalaletso ya Arone le ya bara ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:27
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla nka sefuba sa pheleu ya peo ya Aarone, mme o tla se tsokotsa pela Jehova, e le seabelo se tsokotswang; etlaba seabo sa hao.


Hoo ho Aarone le bara ba hae e tla ba kabelo ya kamehla hara bana ba Iseraele; hobane ke seabelo sa hlokolo; seabelo sa hlokolo se tla ba teng sa bana ba Iseraele, sa mahlabelo a bona a teboho. Seabelo sa bona sa hlokolo e tla ba sa Jehova.


Kantle ho mahlabelo a tjheswang a mafura, ba tla tlisa letsoho le emiswang le sefuba se tsokotswang, di tle di hlahiswe ka tsokotso pela Jehova; e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao, ka taelo ya kamehla, kamoo Jehova a laetseng kateng.


O tla tlisa ka matsoho a hae tse tlang ho tjhesetswa Jehova; o tla tlisa mafura le sefuba, sefuba se tle se tsokotswe pela Jehova.


Ke wona oo molao wa setjheso, le wa nyehelo, le wa sehlabelo sa sebe, le wa sehlabelo sa molato, le wa peo ya boprista, le wa sehlabelo sa teboho,


Aarone a tsokotsa difuba tseo le letsoho le letona pela Jehova, e le kabelo e tsokotswang, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Hape, tse tlang ho ba tsa hao ke dikabelo tseo bana ba Iseraele ba tla di hlahisa ka ho di emisa le ka ho di tsokotsa ka nqa tsohle; tseo ke di nea wena, le bara ba hao, le baradi ba hao, ka molao o sa feleng. E mong le e mong ya hlwekileng tlung ya hao o tla di ja.


moprista o tla di tsokotsa jwaloka nyehelo e tsokotswang pela Jehova: ke ntho e kgethehileng ya moprista hammoho le sefuba se tsokotswang le letsoho le emisitsweng. Kamora tseo, monasari a ka nwa veine.


Tseo baprista ba tla ba le tokelo ya ho di nka ho ba hlahisetsang Modimo sehlabelo, ke tsena: leha e ka ba kgomo, kapa nku, ho newe moprista letsoho, le dihlaya, le mohodu.


Molao o fela o nka batho ba fokolang ho ba etsa baprista ba baholo; empa haele polelo ya kano e entsweng kamorao ho molao, e mmea Mora ya phethehileng ka ho sa feleng.


Moapehi a lata letsoho le se leng ho lona, a le bea pela Saule, mme Samuele a re: Bona, ke hona ho neng ho bolokilwe; ho bee pela hao, o je; hobane ho bo ho ntse ho boloketswe wena le jwale, haesale ke re, ke tla mema setjhaba. Yaba Saule ba ja le Samuele tsatsing leo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ