Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 O tla nka mafura a pheleu, le mohatla, le mafura a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona, le letsoho le letona (hobane ke pheleu ya peo),

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 “O tla nka mafura a pheleu, le mafura a mohatla wa yona, le mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, le sephaka sa letsoho le letona, hobane ena ke pheleu ya mokete wa kgalaletso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:22
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ntoo nka mafura wohle a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona; o di tjheseletse aletareng.


O ntoo nka madi a aletareng, le ole ya setlolo; o fafatse Aarone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona, hammoho le yena; etlaba o kgethehile, yena le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bona.


le polokwe, le senkgwa se dubilweng ka ole, le leqebekwane, o di ntshe serotong sa mahobe a sa lomoswang se dutseng pela Jehova;


Haele sefuba se tsokoditsweng, le letsoho le emisitsweng, le tla di jela nqalong e hlwekileng, wena le bara ba hao, le baradi ba hao hammoho le wena; hobane di neilwe lona, e le kabelo ya hao, le kabelo ya bara ba hao mahlabelong a teboho a bana ba Iseraele.


Moprista o tla nka e nngwe ya dikonyana tse tona, eo a tlang ho e hlahisa le loge ya ole, e be sehlabelo sa molato, mme o tla di tsokotsa, e be kabelo e tsokoditsweng pela Jehova.


Sehlabelong seo sa teboho, o tla nka seo a tla se etsa sehlabelo se tjheswang ka mollo pela Jehova, e leng mafura, le mohatla kaofela, oo a tlang ho o pomela senokong sa sefutsi, le mohlehlo o apesang mala, le mafura wohle a kgomaretseng mala,


Ho tla hlahiswa mafura wohle a sona a mohatla, le mohlehlo o apesang mala,


Ke wona oo molao wa setjheso, le wa nyehelo, le wa sehlabelo sa sebe, le wa sehlabelo sa molato, le wa peo ya boprista, le wa sehlabelo sa teboho,


Ba mo tlisetsa le mafura a kgomo le a pheleu, mohatla, le mohlehlo, le diphio, le mafura a kguto a katlasa sebete;


Aarone a tsokotsa difuba tseo le letsoho le letona pela Jehova, e le kabelo e tsokotswang, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Nama ya tsona e tla ba ya hao jwaloka sefuba se tsokotsehileng ka nqa tsohle, le jwaloka letsoho le letona.


Moapehi a lata letsoho le se leng ho lona, a le bea pela Saule, mme Samuele a re: Bona, ke hona ho neng ho bolokilwe; ho bee pela hao, o je; hobane ho bo ho ntse ho boloketswe wena le jwale, haesale ke re, ke tla mema setjhaba. Yaba Saule ba ja le Samuele tsatsing leo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ