Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 o hlabe pheleu, o nke madi, mme ka wona o tlotse ntlha ya tsebe e tona ya Aarone, le dintlha tsa tsebe tse tona tsa bara ba hae, le menwana e metona ya matsoho a bona a matona, le menwana e metona ya maoto a bona a matona; madi a mang o a tshollele aletareng ka nqa tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 O tla hlaba peleu eo; o nke madi a mang a yona, o tlotse ntlha ya tsebe ya Arone ya letsoho le letona; le dintlha tsa ditsebe tsa bara ba Arone tsa matsoho a matona; le hodima menwana e metona ya matsoho a bona a matona; le hodima menwana e metona ya maoto a bona a matona, mme ka madi a mang o foke aletare ho e potapota.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:20
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla nka pheleu ya bobedi, mme Aarone le bara ba hae ba tla bea matsoho a bona hloohong ya pheleu;


O ntoo nka madi a aletareng, le ole ya setlolo; o fafatse Aarone le diaparo tsa hae, le bara ba hae le diaparo tsa bona, hammoho le yena; etlaba o kgethehile, yena le diaparo tsa hae, hammoho le bara ba hae le diaparo tsa bona.


Morena Jehova o nthibolotse ditsebe, mme ha ke a ka ka hana, leha e le ho sutha kasanthao.


ka mokgwa oo, o tla makatsa ditjhaba tse ngata; marena a tla hloka puo pela hae, hobane a tla bona seo a neng a eso ho se bolellwe, a utlwe seo a neng a eso ho se utlwe.


Moprista o tla nka madi a mang a sehlabelo sa molato, o tla a bea lereteng la tsebe e tona ya motho ya itlhatswang, le monwaneng o motona wa letsoho le letona la hae, le monwaneng o motona wa leoto la hae le letona.


moprista o tla qopetsa monwana wa hae wa letsoho le letona oleng eo a nang le yona seatleng sa hae se setshehadi, mme ka monwana wa hae o tla foka hasupa pela Jehova.


Ole e setseng seatleng sa hae, moprista o tla bea e nngwe lereteng la tsebe e tona ya motho ya hlatsuwang, le monwaneng o motona wa letsoho le letona la hae, le monwaneng o motona wa leoto le letona la hae, hodima madi a sehlabelo sa molato.


Moprista o tla hlaba konyana ya sehlabelo sa molato, mme o tla nka madi a mang a sehlabelo sa molato, a a bee lereteng la tsebe e tona ya motho ya itlhatswang, le monwaneng o motona wa letsoho la hae le letona, le monwaneng o motona wa leoto le letona la hae.


Moprista o tla bea ole eo a nang le yona seatleng sa hae lereteng la tsebe e tona ya ya itlhatswang, le monwaneng o motona wa letsoho le letona la hae, le monwaneng o motona wa leoto la hae le letona, moo a beileng madi a sehlabelo sa molato.


o tla foka hasupa hodima motho ya itlhatswang lepera la hae, mme o tla re, o hlatswehile, a ntoo lesa serobele se sa utlwang se fofele nahathothe.


o tla foka aletare ka madi ao hasupa ka monwana wa hae, a e hlwekise, a e halaletse ka baka la tse sa hlwekang tsa bana ba Iseraele.


Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, mme a tlotsa ka wona ntlha ya tsebe e tona ya Aarone, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae le letona.


Moshe a atametsa le bara ba Aarone, mme ka madi ao a ba tlotsa ntlha ya tsebe e tona, le monwana o motona wa letsoho le letona, le monwana o motona wa leoto le letona; mme Moshe a tshollela aletareng ka nqa tsohle madi a setseng.


Jesu a mo ntsha hara bongata, a mo nkela thoko, a mo kenya menwana ditsebeng; a tshwela mathe, a ama leleme la hae ka wona.


a re atameleng ho wona ka pelo ya nnete, ka tumelo e nang le tshepo ya sebele, matswalo a mabe a phekotswe dipelong tsa rona, mme mmele ya rona e hlatswitswe ka metsi a hlwekileng.


ho Jesu, mmuelli wa selekane se setjha, le mading ao re fokilweng ka wona, a bolelang ditaba tse fetisang tsa madi a Abele ka molemo.


ba kgethilweng ka ho tsejwa pele ke Modimo Ntate, ba halaleditsweng ke Moya, hore ba utlwe Jesu Kreste, mme ba fokwe ka madi a hae; ke re: Le ke le atisetswe mohau le kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ