Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 29:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O ntoo nka mafura wohle a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona; o di tjheseletse aletareng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 O tla nka mohlehlo, le phapohane, le diphiyo tse pedi, mmoho le tshotso ya tsona, o di tjhesetse hodima aletere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 29:13
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke ikela jwaloka metsi, masapo a ka kaofela a nonyetsehile; pelo ya ka, fubeng sa ka, e a qhibiliha jwaloka mafura a dinotshi;


Le se ke la e ja e sa butswa; le se ke la e hladiya ka metsi, e mpe e beswe mollong, hlooho, le maoto, le dikateng tsa yona.


mme o tjheseletse pheleu kaofela aletareng; ke setjheso sa Jehova se monko o monate, ke sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


O tla nka mafura a pheleu, le mohatla, le mafura a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona, le letsoho le letona (hobane ke pheleu ya peo),


o ntoo di tlosa matsohong a bona, mme o di tjheseletse aletareng, setjhesong, e be monko o monate pela Jehova; ke sehlabelo se tjheseditsweng Jehova.


Ke etsang ka mahlabelo a lona a mangatangata, ho botsa Jehova? Ke kgathetse ke ditjheso tsa dipheleu le ke mafura a manamane a nonneng; ha ke kgahliswe ke madi a dikgomo, le a dinku, le a diphooko.


Lerumo la Jehova le tletse madi, le kganathetse mafura le madi a dikonyana, le a diphooko, le mafura a difutsi tsa dipheleu; hobane Jehova o na le sehlabelo Botsra, le hlabo e kgolo naheng ya Edomo.


Ha o a ka wa nthekela lehlaka le monko o monate ka ditjhelete, ha o a ka wa nkgorisa ka mafura a mahlabelo a hao; empa o nkgathaditse ka dibe tsa hao, o ntshwentse ka makgopo a hao.


Moprista o tla e hlahisa aletareng, mme o tla e tweba hlooho ka lenala, a ntoo e tjhesa aletareng, madi a yona a rothisetswe lehlakoreng la aletare.


Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


O tla tjhesa hodima aletare mafura a sehlabelo sa sebe.


Moprista o tla tshollela madi a yona aletareng ya Jehova, monyako wa tente ya pokano, mme o tla tjhesa mafura, e be monko o monate ho Jehova.


O tla tjhesa mafura kaofela a podi aletareng, jwaloka mafura a sehlabelo sa teboho; moprista o tla etsetsa motho eo pheko ya sebe sa hae jwalo, a tle a tshwarelwe.


O tla nka mafura a yona kaofela, jwalokaha ho nkwa mafura a sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla a tjhese aletareng, e be monko o monate ho Jehova; moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.


O tla nka mafura kaofela kamoo ho nkwang mafura kateng, a nku e tona ya sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla e tjhesa aletareng, e be sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo. Moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.


Mollo wa aletare o tla nne o tuke ho yona, o se ke wa tima. Ka hosasa ho hong le ho hong, moprista o tla besa patsi hodima yona, a lokise setjheso hodima mollo, a ntoo tjhesa mafura a mahlabelo a teboho.


Ho tla hlahiswa mafura wohle a sona a mohatla, le mohlehlo o apesang mala,


Moprista o tla tjhesa mafura aletareng, mme sefuba e be sa Aarone le bara ba hae.


le diphio tse pedi le mafura a tsona, ho isa ho a mahlono, le mafura a kguto a katlasa sebete, a tlang ho kgaolwa pela diphio.


Moshe a nka mafura kaofela a mohlehlo, le mafura a kguto a katlasa sebete, le diphio tse pedi le mafura a tsona, mme a di tjhesa aletareng.


A nka mafura, le mohatla, le mafura kaofela a apesang mala, le mafura a kguto a katlasa sebete, le diphio tse pedi le mafura a tsona, le letsoho le letona.


Mafura, le diphio, le mafura a kguto a katlasa sebete, a sehlabelo sa sebe, a a tjhesa aletareng, kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Ba mo tlisetsa le mafura a kgomo le a pheleu, mohatla, le mohlehlo, le diphio, le mafura a kguto a katlasa sebete;


Empa o se ke wa lopollisa letsibolo la kgomo, leha e le letsibolo la nku, leha e le letsibolo la podi, hobane ke dintho tse kgethehileng. O tla tshollela madi a tsona aletareng, o tjhese mafura a tsona; ke sehlabelo se etswang ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Ha e mong a ba a ka re ho yena: Mafura a ke a tjheswe pele, o ntoo inkela kamoo pelo ya hao e ratang kateng, eo o ne a re: Tjhe, o nnee jwale: ha ho se jwalo, ke tla nka ka matla.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ