Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 O le hokele ka kgole ya purepera, mme le bewe moqhweleng; le dule kapele ho moqhwele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Moqhaka oo o rokellwe katibeng ka mohala o moputswa; o rokellwe phatleng ya katiba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:37
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Mokgajwana o ke o hokelwe ka mehwele ya wona mehweleng ya efoda ka kgole ya purepera, hore o tle o eme kahodima senyepa sa efoda, mokgajwana o tle o se ke wa sutha efodeng.


Kobo ya efoda o e etse kaofela ha yona ka purepera;


O tla etsa le lebenyane la kgauta e hlwekileng, mme o tla ngola ho lona ka mokgwa wa tiiso ya mangolo taba e reng: Kgalalelo ho Jehova.


Le tla ba phatleng ya Aarone, mme Aarone o tla jara bokgopo ba ntho tse kgethehileng tseo bana ba Iseraele ba di kgethang, e leng dineo tsohle tsa ntho tsa bona tse kgethehileng. Le tle le be phatleng ya hae kamehla, hore ba fumane mohau pela Jehova.


Mokgajwana, le efoda, le kobo, le kojwana e homilweng le moqhwele, le senyepa. Ba etsetse Aarone moholwane wa hao, le bara ba hae diaparo tse kgethehileng, ba tle ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


o ntoo mo rwesa moqhwele hloohong, mme moqhweleng o bee lebenyane le kgethehileng.


A mo rwesa moqhwele hloohong, mme moqhweleng, kapele ho wona, a hloma diadema ya kgauta, e leng lebenyane le kgethehileng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.


Ka re: A ba ke ba mo rwese katiba e hlwekileng hloohong. Yaba ba mo rwesa katiba e hlwekileng hloohong, ba mo apesa le diaparo; lengeloi la Jehova le ne le eme moo.


Bua le bana ba Iseraele, o ba laele hore ba iketsetse ditjellane mephethong ya diaparo tsa bona, melokong yohle ya bona, mme ba manamise leqhwele le leputswa tjellaneng e mephethong ya diaparo tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ