Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:33 - Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Melekeng ya yona o tla etsa mohomo wa digaranata tsa purepera le sekarelata, le krimsone o e potolohang melekeng ya yona; dipakeng tsa tsona kahohle o etse diklokonyana tsa kgauta;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

33 Lemenong la seaparo o tle o etse dikgarenate ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, ho se potoloha. Pakeng tsa tsona, ho potoloha, o etse mangenengene a kgauta;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:33
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, ho ne ho le melala e mmedi ya digaranata e potang matanta a rwesang dihlooho tse hodima ditshiya; le hlooho ya bobedi ya etswa jwalo.


Bolelele ba tshiya e nngwe e ne e le ditswe tse leshome le metso e robileng meno e le mmedi; hlooho ya yona e ne e le ya koporo; bolelele ba hlooho e ne e le ditswe tse tharo; le dikgabiso tse kang meqhaka, le digaranata tse rwesang hlooho, kaofela ha tsona e ne e le tsa koporo. Le tshiya ya bobedi e be e na le dikgabiso tse kang meqhaka, jwaloka e nngwe.


Ho jwaloka ole e hlokwang, e tshelwang hloohong, e qhitsetsang ditedung, ditedung tsa Aarone, e qhitsetsang ho isa le mosehong wa seaparo sa hae.


e be le lesoba la hlooho bohareng ba yona; mmenong wa lesoba e be le moqhaka o tshophilweng; lesoba leo le be jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani hore kobo e se ke ya taboha.


ho bewe klokonyana ya kgauta le garanata, ho boele ho bewe klokonyana ya kgauta le garanata, melekeng ya kobo, ho e potoloha.


Ka tsatsi leo, ho tla be ho ngotswe diklokonyaneng tse dipereng: Kgalalelo ya Jehova; le tsona dipitsa tse ka tlung ya Jehova di tla ba jwaloka merifi e pela aletare.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ