Mokgajwana o ke o hokelwe ka mehwele ya wona mehweleng ya efoda ka kgole ya purepera, hore o tle o eme kahodima senyepa sa efoda, mokgajwana o tle o se ke wa sutha efodeng.
e be le lesoba la hlooho bohareng ba yona; mmenong wa lesoba e be le moqhaka o tshophilweng; lesoba leo le be jwaloka lesoba la seaparo sa bahlabani hore kobo e se ke ya taboha.
Mokgajwana, le efoda, le kobo, le kojwana e homilweng le moqhwele, le senyepa. Ba etsetse Aarone moholwane wa hao, le bara ba hae diaparo tse kgethehileng, ba tle ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.
Hape, mmae o ne a mo etsetsa seaparonyana ka dilemo tsohle, a mo tlisetse sona mohla ba tlang le monna wa hae ho hlaba sehlabelo sa selemo se seng le se seng.