Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Mokgajwana o ke o hokelwe ka mehwele ya wona mehweleng ya efoda ka kgole ya purepera, hore o tle o eme kahodima senyepa sa efoda, mokgajwana o tle o se ke wa sutha efodeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 O tlame mefitshane ya mokgabiso wa sefuba ka mohala o moputswa, o o tlamelle mefitshaneng ya setipe, hore mokgabiso wa sefuba o tle o dule hodima leqhama, o se ke wa lokoloha setipeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:28
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mahakwe a onikse le mahakwe a tla kenngwa efodeng le mokgajwaneng.


O etse hape mehwele e mmedi ya kgauta, mme o e bee mabanteng a mabedi a mahetleng a efoda, katlase, kapele ho wona, haufiufi le moo e rokahantsweng teng, kahodima senyepa sa efoda.


Etlare ha Aarone a kena sehalalelong, o tla jara sefubeng sa hae, ka mokgajwana wa kahlolo, mabitso a bana ba Iseraele, e tle e be kgopotso e sa feleng pela Jehova.


Kobo ya efoda o e etse kaofela ha yona ka purepera;


O le hokele ka kgole ya purepera, mme le bewe moqhweleng; le dule kapele ho moqhwele.


Senyepa se e tlamang, e be ntho e le ngwe le yona; se tla bewa hodima yona, e be sa mofuta o le mong le yona, se etswe ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng.


Ha tliswa le diaparo tsa tshebetso tsa ho sebetsa sehalalelong, e leng diaparo tse kgethehileng tsa Aarone moprista, le diaparo tsa bara ba hae tsa ho etsa mosebetsi wa boprista.


Bua le bana ba Iseraele, o ba laele hore ba iketsetse ditjellane mephethong ya diaparo tsa bona, melokong yohle ya bona, mme ba manamise leqhwele le leputswa tjellaneng e mephethong ya diaparo tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ