Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 28:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 O tla etsa mokgajwana wa kahlolo ka mokgwa wa mosebetsi o etswang ka masene; o o etse ka mokgwa o le mong le efoda; o o etse ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 “O tla etsa le mokgabiso wa sefuba wa kahlolo, o etswe ke setsebi. O o etse jwalokaha ho entswe setipe, ka lesela le nang le mmala wa kgauta, le ka le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 28:15
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

mahakwe a onikse le mahakwe a tla kenngwa efodeng le mokgajwaneng.


O tla etsa tabernakele ka masela a leshome a lene e ntle e lohilweng, a purepera, a sekarelata, a krimsone; o tla homela dikerubime ho wona, e be mosebetsi o etswang ka masene.


O tle o etsetse monyako wa tente lesela la la purepera le sekarelata le krimsone le lene e ntle e lohilweng, e be mosebetsi o homilweng.


o etse a ohlilweng ka mokgwa wa mosebetsi o tshophilweng, mme o hokele maqakatsa a tshopilweng dikoomaneng.


O be le mahlakore a mane, a mennweng; bolelele ba wona e be boahlamo ba menwana, le bophara ba wona e be boahlamo ba menwana.


Mokgajwaneng wa kahlolo o tla bea Urime le Thummime, di tle di be sefubeng sa Aarone, ha a kena pela Jehova; Aarone o tla jarela bana ba Iseraele kahlolo sefubeng sa hae, pela Jehova, ka ho sa feleng.


Mokgajwana, le efoda, le kobo, le kojwana e homilweng le moqhwele, le senyepa. Ba etsetse Aarone moholwane wa hao, le bara ba hae diaparo tse kgethehileng, ba tle ba etse mosebetsi wa boprista pela ka.


Ba etse efoda ka kgauta, le purepera, le sekarelata, le krimsone, le line e ntle e lohilweng, e be mosebetsi o etswang ka masene.


O tla nka diaparo, o apese Aarone kojwana, le kobo ya efoda, le efoda, le mokgajwana oo o tla o tlama hodima hae ka senyepa sa efoda;


A ntoo mo apesa mokgajwana, mme mokgajwaneng a bea Urime le Thummime.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ