Davida a nea Salomone, mora hae, setshwantsho sa mathule, le sa matlo, le sa dipolokelo, le sa dikamore tse kahodimo, le sa dikamore tse kahare, le sa ntlo ya serapello.
A etsa dikandelare tse leshome tsa kgauta, ka mokgwa wa tsona o laetsweng, mme a di bea tempeleng, tse hlano ka ho le letona, tse hlano tse ding ka ho le letshehadi.
Yaba Moshe o bitsa Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a kentseng bohlale pelong tsa bona, e leng bohle ba kgannilweng ke pelo tsa bona ho tla etsa mosebetsi.
Haele kandelare, e ne e entswe jwana: e ne e entswe ka kgauta e teilweng. Ho tloha kutung ya yona, ho isa dipaleseng tsa yona, e ne e teilwe, e sebeditswe ka tekanyetso eo Jehova a neng a e bontshitse Moshe.
Bontata rona ba ne ba na le tabernakele ya bopaki feelleng, kamoo ya buang le Moshe a neng a mo laetse kateng, ho e etsa ka setshwantsho seo a se boneng.
ba sebetsang ka tse tshwantshang dintho tsa lehodimo le diriti tsa tsona, kamoo Modimo o neng o laetse Moshe kateng, ha a tla etsa tabernakele, wa re: Lemoha hantle, o etse ntho tsohle ka tekanyetso ya tseo o di bontshitsweng.
Ra re: Ha ekaba mehleng e tlang ba ka rialo ho rona le ho ditloholo tsa rona, re tla re: Bonang mohaho wa aletare ya Jehova eo bontata rona ba e entseng, e seng ya ditjheso, leha e le ya mahlabelo, e mpe e be bopaki mahareng a rona le lona.