Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 O etse kandelare ya kgauta e hlwekileng: kandelare e etswe ka kgauta e teilweng; leoto la yona, le kutu ya yona, le meritshwana ya yona, le dinoko tsa yona, le dipalesa tsa yona, e be ntho e le nngwe le yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 “O tla etsa sedulwana sa lebone ka kgauta e hlwekileng. Sedulwana seo sa lebone o se etse ka kgauta e thutsweng. Madulo a sona, le lenono la sona, le dikgakeletso tsa sona, le dipalesa tsa sona, le dithunthung tsa sona, di thulellwe ho sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:31
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dikedare tse kahare ho ntlo tsa betlwa dithola le palesa tse thuntseng; e ne e le kedare feela, ho sa bonahale majwe.


Katlase ho morumo, e ne e le molala wa dithola tse leshome ka setswe se seng le se seng, tse potang letsha; dithola tsa tshollwa, tsa etswa melala e mmedi ha di tshollwa.


le dikandelare tsa kgauta e hlwekileng; tse hlano tsa bewa ho le letona, tse hlano tse ding ho le letshehadi, pela sehalaledisiso, le dipalesa tsa tsona, le dilampi, le dikere tsa kgauta,


A mo nea le boima ba dikandelare tsa kgauta le ba dilampi tsa tsona tsa kgauta, e le boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, le ba dikandelare tsa silefera, e leng boima ba kandelare e nngwe le e nngwe le ba dilampi tsa yona, ka ho ya ka mosebetsi wa kandelare e nngwe le e nngwe.


ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.


le dikandelare, le dilampi tsa tsona tsa kgauta e hlwekileng tse hotetswang ka taelo ya teng pela serapello;


A etsa dikandelare tse leshome tsa kgauta, ka mokgwa wa tsona o laetsweng, mme a di bea tempeleng, tse hlano ka ho le letona, tse hlano tse ding ka ho le letshehadi.


Ho yona kandelare, meritshwana e mene e ke e be teng e kang amanda, hammoho le dinoko le dipalesa tsa yona;


Dinoko le makala di tswe ho yona, mme e be ntho e le nngwe hammoho e entsweng ka kgauta e teilweng, e hlwekileng.


le tafole le mesebetsi ya yona, le kandelare e hlwekileng le mesebetsi yohle ya yona, le aletare ya dibano;


le kandelare ya ho bonesa le mesebetsi ya yona, le dilampi tsa yona le ole ya ho bonesa;


le kandelare ya kgauta e hlwekileng ka dilampi tsa yona, e leng dilampi tse lokiseditsweng yona, le mesebetsi yohle ya yona le ole ya ho bonesa;


O tla lokisa dilampi kandelareng ya kgauta e tshekilweng, hore di nne di tuke kamehla pela Jehova.


La re ho nna: O bonang? Ka re: Ke bona kandelare e leng ya kgauta feela, e nang le nkgo ya yona ya ole ntlheng ya yona, le dilampi tsa yona tse supileng kahodimo ho yona, le dipomponyana tse supileng ho e nngwe le e nngwe ya dilampi tseo tse kahodimo ho yona;


Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.


ba tla phuthela kandelare le mesebetsi yohle ya yona sekgurumetsong sa matlalo a diqibi, mme ba tla e bea mejarong.


Ba tla nka lesela la purepera, ba kwahele ka lona kandelare e bonesang, le dilampi tsa yona, le matlawana a yona, le dipitsana tsa yona tsa molora, le dipitsa tsohle tsa yona tsa ole, tseo ho etswang mosebetsi wa yona ka tsona;


Haele kandelare, e ne e entswe jwana: e ne e entswe ka kgauta e teilweng. Ho tloha kutung ya yona, ho isa dipaleseng tsa yona, e ne e teilwe, e sebeditswe ka tekanyetso eo Jehova a neng a e bontshitse Moshe.


Hobane mohla tabernakele e emiswang, ho ne ho etswe sebaka sa pele, moo ho beilweng kandelare, le tafole, le mahobe a pontsha, mme baka seo se ne se bitswa sehalalelo.


Yaba ke reteleha ho bona eo lentswe la hae le buang le nna. Eitse hobane ke retelehe, ka bona dikandelare tsa kgauta tse supileng;


sephiri sa dinaledi tse supileng tseo o di boneng letsohong la ka le letona, le dikandelare tse supileng tsa kgauta. Dinaledi tse supileng ke mangeloi a dikereke tse supileng; mme dikandelare tse supileng tseo o di boneng, ke dikereke tse supileng.


Hopola hle moo o weleng, mme o bake, mme o etse mesebetsi ya pele; ha ho se jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose kandelare ya hao tulong ya yona, ha o sa bake.


Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.


lampi ya Jehova e eso ho time, le Samuele a se a robetse tabernakeleng ya Jehova, moo areka ya Modimo e leng teng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ