Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 O tle o etse mafiso a yona, le mehope ya yona, le dinkgwana tsa yona, le merifi ya yona eo ho tla etswa ditshelo ka yona; o di etse ka kgauta e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 O tla e etsetsa mafiso, le mafiswana, le mepotjwana, le dinwelo tse sebediswang ha ho nyehelwa. Tsena di etswe ka kgauta e hlwekileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le dipitsana, le matlao, le mafiswana, le dikgaba, le dipitsa tsa dibano tsa kgauta e hlwekileng, le mahokelo a kgauta a mamati a ntlo e hare, e leng sehalaledisiso, le a mamati a ntlo ya tempele.


le matlao, le mafiso, le dikgaba, le dipitsa tsa dibano tsa kgauta e hlwekileng, le monyako wa ntlo, le mamati a wona a kahare a sehalaledisiso, le mamati a menyako ya ntlo ya tempele; le wona ya eba a manehilweng ka kgauta.


O tla etsa mejaro ya sefate sa leoka, o e manehe ka kgauta, mme tafole e tla jarwa ka mejaro.


Ha etswa le mesebetsi e bewang tafoleng, e leng mafiso a yona, le mehope ya yona, le dinkgwana tsa yona, le merifi ya yona ya ho etsa ditshelo; tsa etswa ka kgauta e hlwekileng.


Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.


Hodima tafole ya mahobe a pontsha, ba tla ala lesela la purepera; ba tla bea hodima yona mekekana, le dinwelo, le merifi, le dipitsa tsa ditshelo; bohobe bo bewe hodima yona kamehla.


Kabelo ya hae ya eba mokeke wa silefera, boima ba wona e le dishekele tse lekgolo le nang le mashome e mararo; le morifi wa silefera, tse mashome a supileng, o leng dishekele tsa sehalalelo; tse pedi tseo di ne di tletse lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo;


A tlisa kabelo ya hae, e leng mokeke wa silefera, boima ba wona e le dishekele tse lekgolo le mashome a mararo; le morifi wa silefera, wa dishekele tse mashome a supileng, e leng dishekele tsa sehalalelo; tse pedi tseo di ne di tletse lefi la phofo le dubilweng ka ole e be nyehelo;


Dikabelo tsa ho kgakola aletare, tse tlisitsweng ke marena a Iseraele mohla e tlotswang, ya eba tse kalo: Mekeke e leshome le metso e mmedi ya silefera, le merifi e leshome le metso e mmedi ya silefera, le dipitsa tse leshome le metso e mmedi tsa kgauta.


Bona, ke eme monyako, mme ke a kokota; ekare ha e mong a utlwa lentswe la ka, mme a bula monyako, ke tla kena ha hae, mme ke tla lalla le yena, le yena le nna.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ