Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Hape, o tla etsa tafole ya sefate sa leoka; bolelele ba yona e be ditswe tse pedi, bophara ba yona e be ba tswe se le seng, bophahamo ba yona e be setswe se nang le halofo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 “O tla etsa tafole ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be disenthimethara tse mashome a robedi a metso e robedi, bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a mane a metso e mene, mme bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:23
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Jehova, e le aletare ya kgauta, le tafole ya kgauta ya mahobe a pontsha;


le dikandelare tsa kgauta e hlwekileng; tse hlano tsa bewa ho le letona, tse hlano tse ding ho le letshehadi, pela sehalaledisiso, le dipalesa tsa tsona, le dilampi, le dikere tsa kgauta,


A mo nea kgauta, boima bo itseng ba ho etsa tafole tsa mahobe a pontsha, le ba tafole e nngwe le e nngwe, le silefera ya ho etsa ditafole tsa silefera;


Salomone a phetha mesebetsi yohle ya ntlo ya Modimo jwalo, le aletare ya kgauta, le ditafole tsa mahobe a pontsha,


A etsa le ditafole tse leshome, mme a di bea tempeleng, tse hlano ka ho le letona, tse hlano tse ding ka ho le letshehadi. A etsa le mafiso a lekgolo a kgauta.


le tafole le mesebetsi ya yona, le kandelare e hlwekileng le mesebetsi yohle ya yona, le aletare ya dibano;


le tafole le mejaro ya yona, le mesebetsi yohle ya yona, le mahobe a pontsha;


e nang le bophahamo bo tswe tse tharo, le bolelele bo tswe tse pedi; e ne e na le dintlha tsa yona; boleleleng ba yona le mahlakoreng e ne e le ya sefate. Yaba o re ho nna: Ena ke tafole e pela Jehova.


O tla a hlahlamanya ka ditha tse pedi tafoleng ya kgauta e tshekilweng, pela Jehova; a be ka botshelela setheng se seng le se seng.


Ba ne ba baballa areka, le tafole, le kandelare, le dialetare, le mesebetsi ya sehalalelo, eo ho etswang tshebeletso ka yona, le lesira, le tsona dintho tse yang le lona.


Hodima ntho tseo tsohle, ba tla ala lesela le krimsone, ba ntoo e kwahela ka sekgurumetso sa matlalo a diqibi, mme ba tla kenya ho yona mejaro ya yona.


Hobane mohla tabernakele e emiswang, ho ne ho etswe sebaka sa pele, moo ho beilweng kandelare, le tafole, le mahobe a pontsha, mme baka seo se ne se bitswa sehalalelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ