Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ke hona moo ke tla teana le wena, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo, pakeng tsa dikerubime tse hodima areka ya bopaki, hore ke tle ke o bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona bakeng sa bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Ke tla kopana le wena hona moo, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, pakeng tsa dikerubime tse pedi, tse hodima areka ya selekane. Ke tla o nea melao yohle ya bana ba Iseraele.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:22
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jehova o a ikela; ha a se a qetile ho bua le Abrahama; mme Abrahama a kgutlela ha hae.


Davida a tloha, a ena le setjhaba sohle seo a nang le sona, a ya Baale-Juda, ho lata areka ya Modimo teng, eo lebitso la Jehova wa makgotla ya dutseng pakeng tsa dikerubime le bitswang ho yona.


Esekiase a rapela pela Jehova, a re: Oho, Jehova, Modimo wa Iseraele, ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; o entse mahodimo le lefatshe.


Davida le Iseraele kaofela ba nyolohela Baala, e leng Kiryathe-Jearime wa Juda, ho lata teng areka ya Modimo Jehova, ya dutseng hodima dikerubime, e leng yona areka eo lebitso la Jehova le rapelwang ho yona.


Sekeha tsebe, modisa wa Iseraele; wena ya tsamaisang Josefa jwalokaha ho tsamaiswa mohlape, wena ya dutseng hodima dikerubime, hlaha kganyeng ya hao!


Tsosa bonatla ba hao pontsheng ya Efraime, le Benjamine, le Manasse, o tle ho re thusa.


Jehova, o nnile wa ba setshabelo sa rona melokong le melokong.


Jehova o a busa, merabe e a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a thekesela.


Hape, o nketsetse aletare ya mobu, eo o tla hlabela ho yona mahlabelo a hao a ditjheso le a diteboho, e leng nku tsa hao le kgomo tsa hao. Hohle moo ke tla o hopotsa lebitso la ka, ke tla tla ho wena teng, ke tle ke o hlohonolofatse.


Aarone le bara ba hae ba tla e qhatsa ka tenteng ya pokano, kantle ho lesira le pela bopaki, hore e bonese ho tloha mantsiboya ho isa hosasa, pela Jehova. Hoo e tla ba taelo e sa feleng ho bana ba Iseraele melokong ya bona.


O di tudisise haholo, o di bee pela bopaki, tenteng ya pokano, moo ke tla teana le wena teng; ho lona e tla ba ntho e kgethehileng haholo.


O tla bea aletare malebana le lesira le pela areka ya bopaki, ho tadimana le sekwahelo se hodima bopaki, e leng moo ke tla teana le wena teng.


Eitse hobane Modimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ya Sinai, wa mo nea matlapa a mabedi a bopaki, matlapa a majwe a ngodilweng ka monwana wa Modimo.


Bona, ke beile le Oholiabe, mora Akisamake, wa leloko la Dane; hape ke kentse bohlale pelong tsa batho bohle ba masene, hore ba sebetse tsohle tsee ke o laetseng tsona;


Oho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, wena ya dutseng hodima dikerubime, ke wena Modimo o nnotshi wa mebuso yohle ya lefatshe; ke wena ya entseng mahodimo le lefatshe!


Yaba ke utlwa e mong a bua le nna, a le ka tlung; yaba ho ema motho pela ka;


Jehova a bitsa Moshe, a bua le yena a le tenteng ya pokano, a re:


Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.


O tla di bea ka tenteng ya pokano, pela areka ya bopaki, moo ke kopanang le lona teng.


Ha Moshe a ne e kena tenteng ya pokano ho bua le Jehova, o ne a utlwa lentswe le buang le yena, le tswang pakeng tsa dikerubime tse pedi, sekwahelong se hodima areka ya bopaki; mme o ne a bua le yena.


Bana ba Iseraele ba ntoo botsa Jehova (hobane areka ya selekane sa Modimo e ne e le teng ho bona mohlang oo;


Ebile setjhaba se romela Silo, ho ya lata teng areka ya selekane sa Jehova wa makgotla ya dutseng hara dikerubime; bara ba babedi ba Eli, Hofni le Finease, ba ne ba le teng le areka ya selekane sa Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ