Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Dikerubime di ke di otlollele dipheo tsa tsona hodimo, di kgurumetse sekwahelo ka dipheo tsa tsona, mme di tadimane ka difahleho; difahleho tsa dikerubime di tadime nqa sekwahelong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Mapheo a dikerubime a otlolohele hodimo, a kgurumetse sekwahelo sa tefelo ya sebe, mme difahleho tsa tsona di tadimane; difahleho tsa dikerubime di tadime malebana le sekwahelo sa tefelo ya sebe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:20
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A lora a bona lere e emisitswe fatshe, ntlha ya yona e fihla lehodimong, a bona le mangeloi a Modimo a nyoloha, a be a theoha ho yona.


Kahara sehalaledisiso, a etsa dikerubime tse pedi tsa mohlwaare; bolelele ba e nngwe le e nngwe e le ditswe tse leshome.


A bea dikerubime hara ntlo, di otlolotse mapheo a tsona, lepheo la e nngwe le kgitla lebota, mme lepheo la kerubime e nngwe le kgitla lebota le leng; a mang mapheo a tsona a ne a amane mahareng a ntlo.


Hobane dikerubime di be di otlollela mapheo a tsona hodima sebaka sa areka, dikerubime di sireletsa areka le mejaro ya yona ka nqa kahodimo.


le kgauta e hlwekileng ya aletare ya dibano, boima bo itseng; le tekanyetso ya koloi, ke ho re ya dikerubime tsa kgauta tse otlollelang dipheo tsa tsona tse kgurumetsang areka ya selekane sa Jehova.


Tlung ya sehalaledisiso a etsa dikerubime tse pedi tse betlilweng, mme tsa manehwa ka kgauta.


Hape, o etse dikerubime tse pedi tsa kgauta: o tle o di etse ka kgauta e teilweng, o di bee dintlheng tse pedi tsa sekwahelo.


O etse kerubime e nngwe ntlheng e ka kwano, mme o bee kerubime e nngwe ntlheng e ka kwana. Le tle le etse dikerubime hammoho le sekwahelo, dintlheng tsa sona tse pedi.


Di ne di ya moo moya o ratang ho ya teng; enereha moya o rata ho ya nqa e itseng, ebe mabidi a tloha maloka le tsona, hobane moya wa sebopuwa o ne o le mabiding.


O ne o le kerubime e dipheo tse otlolohileng, ya mosireletsi; ke ne ke o beile joalo, o ne o le thabeng e halalelang ya Modimo, o ne o tsamaya majweng a benyang.


O tla roma mangeloi a hae a letsang diterompeta tse modumo o moholo, hore a bokelle bakgethwa ba hae meyeng e mene, ho qala pheletsong e nngwe ya mahodimo ho isa ho e nngwe.


Jesu a araba, a re ho yena: O dumela kahobane ke o boleletse hore ke o bone tlasa sefate sa feiye; o tla bona tse kgolo ho tseo.


Ka baka leo, mosadi o tshwanetse ho ba le pontsho ya ho buswa, hloohong, ka baka la mangeloi.


Athe ha ke lekanya, ho jwaloka hoja Modimo o re beile morao, rona baapostola, ka mokgwa wa ba rerilweng ho bolawa; hobane re pepesitswe pela lefatshe, le pela mangeloi, le pela batho.


hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong,


Ka ho yena le tlala tsohle, e le hlooho ya borena bohle le ya mebuso yohle.


Na kaofela ha wona hase meya e sebeletsang, e rongwang ho sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko na?


Kahodimo ho areka eo, ho ne ho le dikerubime tse kganyang, tse okametseng sekwahelo sa serapello. Empa jwale, hase sebaka sa ho bolela ntho tseo ka bonngwe.


Mme ba senoletswe hoba e ne e se ka baka la bona, empa e le ka baka la lona, ba neng ba beilwe basebetsi ba tseo le di behetsweng jwaloka ba le boleletseng Evangeli, ka Moya o Halalelang, o romilweng o etswa lehodimong, e leng tseo mangeloi a lakatsang haholo ho nyarela hara tsona.


ya ileng lehodimong, ya dutseng letsohong le letona la Modimo, eo mangeloi, le marena, le mebuso e beilweng tlasa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ