Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 25:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 O ntoo kenya mejaro mehweleng, mahlakoreng a areka, ho jara areka ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Mefeng eo o tla e kgwesa meheleng e mahlakoreng a areka, ho tle ho jarwe areka ka yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 25:14
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bara ba Balevi ba jara areka ya Modimo mahetleng a bona ka dithupa tse ho yona, jwalokaha Moshe a ne a laetse, ka polelo ya Jehova.


Yaba Davida o re: Ha ho ya tshwanetseng ho jara areka ya Modimo haese Balevi; hobane ke bona bao Jehova a ba kgethileng hore ba jare areka ya Modimo le ho etsa tshebeletso ya yona ka ho sa feleng.


O e etsetse mejaro ya sefate sa leoka, mme o e manehe ka kgauta.


Mejaro e tla nne e dule mehweleng ya areka; e se ke ya tloswa.


Mehwele e ke e be haufi le moqhaka, ho kenya ho yona mejaro ya ho jara tafole.


O tla etsa mejaro ya sefate sa leoka, o e manehe ka kgauta, mme tafole e tla jarwa ka mejaro.


O e etsetse mehwele e mmedi ya kgauta tlasa mofapo, mahlakoreng a yona a mabedi; o etse jwalo mahlakoreng a mabedi; mehwele eo e be ya ho kenya mejaro, eo e jarwang ka yona.


Ebile Joshua, mora Nune, o bitsa baprista, a re ho bona: Jarang areka ya selekane, mme baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba eteletse areka ya Jehova pele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ