Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 20:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 O se ke wa etselletsa wa heno ka leshano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 “O se ke wa etseletsa motho e mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 20:16
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leleme la hae ha le jale ketselletso, ha a etse wa habo hampe, ha a nyefole ngwanabo.


O se ke wa tsamaisa taba ya leshano. O se ke wa emela e mobe, hore o be paki ya bohata bo etswang ke yena.


Ya patang hloyo o na le molomo o mano, empa ya hasang disebo ke lehlanya.


Ya tjhakelang ho qoqa o phunya makunutu; empa ya pelo e tshepehang o boloka taba.


Paki ya bohata e ke ke ya phema kotlo, mme motho ya mano a ke ke a phonyoha.


Motho ya pakang leshano ho senya wa habo, ke molamu, le lerumo, le motsu o ntjhotjho.


Le se ke la utswa, mme le se ke la thetsana ka mashano, leha e le ho phoma ba bang.


O se ke wa etselletsa le a mong wa setjhaba sa heno ka leshano, mme o se ke wa itlhahisa ho ba paki ya ho tsholla madi a wa heno. Ke nna Jehova.


O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.


A re ho yena: Efe? Jesu a re: E reng: O se ke wa bolaya, o se ke wa feba, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata,


Masole le wona a mmotsa, a re: Le rona, re tla etsa eng? A re ho wona: Le se ke la etsa motho ka matla, leha e le ka thetso; hape le kgolwe ke moputso wa lona.


Ba hlahisa dipaki tse leshano, tse reng: Motho enwa ha a lese ho bolela ditaba tse nyefolang nqalo ena e halalelang le molao;


Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itshena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, di falatswe ho lona.


le bafebi, le basotoma, le ba utswang batho, le mahata, le ba kwenehelang dikano tsa bona, leha e le hofe le hofe ho furallanang le thuto ya pholoho,


e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tshepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itshwara, ba sehloho, ba hloyang ba molemo;


Le se ke la sebana, banabeso. Ya sebang ngwanabo, kapa ya ahlolang ngwanabo, o seba molao, o ahlola molao; mme ha o ahlola molao, ha o moetsi wa molao, empa o le moahlodi wa wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ