Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 16:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Bana ba Iseraele ba ne ba je manna ka dilemo tse mashome a mane, ho fihlela ba kena naheng eo batho ba leng teng ho yona; ba eja manna ho isa ha ba fihla moeding wa lefatshe la Kanana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Ka dilemo tse mashome a mane bana ba Iseraele ba nna ba ja manna, ho fihlela ba fihla naheng e nang le baahi; ba ja manna ho fihlela ba fihla meeding ya naha ya Kanana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 16:35
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Wa ba nea bohobe bo tswang mahodimong ho ba fepa, wa ba ntshetsa metsi lefikeng ho ba nosa, wa re ho bona, ba kene, mme ba rue lefatshe leo o neng o hlapantse hore o tla ba nea lona.


Bohale ba Jehova ba tukela Iseraele; a ba dikadikisa feelleng ka dilemo tse mashome a mane, ha ba ha timela moloko wohle wa bao ba neng ba entse bobe pela mahlo a Jehova.


Moprista Aarone a nyolohela thabeng ya Hore, ka taelo ya Jehova; a shwela teng, ka tsatsi la pele la kgwedi ya bohlano, ka selemo sa mashome a mane sa ho tswa ha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.


Ke yena ya ba ntshitseng Egepeta, a etsa mehlolo le meeka Egepeta, le Lewatleng le Lefubedu, le lefeelleng, ka dilemo tse mashome a mane.


Bonang, ke beile lefatshe pela lona; kenang, mme le rue lefatshe leo Jehova a anetseng bontata lona, Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, hore o tla le nea bona le ditloholo tsa bona kamora bona.


Hobane Jehova, Modimo wa hao, o o hlohonolofaditse mesebetsing yohle ya matsoho a hao; o lemohile ho tsamaya ha hao lefeelleng leno le leholo; e se e le dilemo tse mashome a mane Jehova, Modimo wa hao, a leng ho wena, mme ha o a ka wa hloka letho.


Empa ho fihlela letsatsi la kajeno, Jehova ha a ka a le nea pelo tse utlwisisang, le mahlo a bonang, le ditsebe tse utlwang.


Diaparo tsa hao ha di a ka tsa senyeha hodima hao, mme maoto a hao ha a ka a ruruha ka dilemo tseo tse mashome a mane.


Haele manna, ya fela ka tsatsi le hlahlamang leo ba jeleng koro ya lefatshe leo ka lona; mme bana ba Iseraele ha ba ka ba hlola ba sa ba le manna, ba mpa ba eja dijo tsa lefatshe la Kanana ka lemo seo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ