Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Eksoda 14:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Ya tla dipakeng tsa ntwa ya Egepeta le tsa ntwa ya Iseraele, ya eba maru le lefifi ka nqe nngwe, ka nqe nngwe ya bonesa bosiu; ha ba ka ba atamelana ka bosiu bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 pakeng tsa diahelo tsa Baegepeta le diahelo tsa Baiseraele. Leru la etsetsa Baegepeta lefifi, empa bana ba Iseraele la ba etsetsa lesedi; kahoo mabotho a sitwa ho atamelana bosiu bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Eksoda 14:20
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

a ipopa ka lefifi ho tshabela teng, a ikopa ka metsi a matsho le ka maru a lefifi.


Wa ba qhoba hamonate, ba sa tshohe letho, mme lewatle la kwahela dira tsa bona.


Lengeloi la Modimo le eteletseng makgotla a Iseraele pele, la tloha, la tla ema kamora bona; mme topallo ya leru ya tloha kapele ho bona, ya fihla ya ema kamora bona.


Moshe a otlollela letsoho la hae hodima lewatle, mme Jehova a suthisa lewatle ka moya o matla wa botjhabela o fokang ka bosiu bohle, lewatle a le fetola mobu o omileng, mme metsi a phatloha.


Hobane le ke ke la tloha ka potlako, le ke ke la tsamaya jwaloka hoja le baleha, hobane Jehova o tla le etella pele, Modimo wa Iseraele o le sireletse kamorao.


E tla ba sehalalelo; empa ho matlo a mabedi a Iseraele e tla ba lejwe le ba kgothometsang, le lefika le ba kgopang, ho ba ahileng Jerusalema e be sefi le leraba.


Ba mpa ba howeletsa ho Jehova, mme a kenya lefifi mahareng a lona le Baegepeta; a ba apesa ka lewatle, a ba kgurumetsa, mme mahlo a lona a bone seo ke se entseng ho Baegepeta, la ntoo tla la hlola matsatsi a mangata lefeelleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ