2 Bo hlabile dikgomo tsa jona, bo tswakile veine, bo tekile le tafole ya jona.
2 ba hlaba dikgomo, ba ritela veine, tafoleng ya bona ba bea mapetle.
Eitse ha Josefa a bona Benjamine a le ho bona, a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Isa banna bana hae, o hlabe, o lokise; hobane banna bana ba tla ja le nna motshehare.
Ke a ba qenehelang ho nwa, ba hlanyetsang veine e tswakilweng.
Le ho ba hlokang kelello bo re: Tloong, le je bohobe ba ka, le nwe le veine eo ke e tswakileng.
Nka be ke o nka, ka o isa tlung ya mme, mme o ka be o nthuta, mme nka be ke o fa o enwa veine e tswakilweng, metsi a dikharanata tsa me.
Thabeng ena, Jehova wa makgotla o tla etsetsa ditjhaba kaofela mokete wa dijo tse hlabosang, mokete wa diveine tse monate tse nkilweng hodima ditshifa, mokete wa dijo tse hlabosang, tsa moko, wa diveine tse nkilweng hodima ditshifa, tse hlwekileng.