Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 9:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bohlale bo hahile ntlo ya jona ka ditshiya tse supileng tse betlisitsweng hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Bohlale bo hahile ntlo ya bona, ba hloma ditshiya tsa yona, ba di hloma di supile;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 9:1
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, a hloma ditshiya, di lebane le mathule a tempele; a hloma tshiya tsohong le letona la wona, a e rea Jakine (o tla tiisa); a hloma e nngwe ho le letshehadi, a e rea Boase (o ne le matla).


A ntoo etsa mathule a ditshiya; bolelele ba wona e le ditswe tse mashome a mahlano, le bophara e le ditswe tse mashome a mararo; mme ha eba mathulenyana pela wona, a ena le ditshiya le methatinyana pela wona.


Bohlale bo meketsa kantle, bo tlerola ka lentswe le leholo mapatlelong;


Mora wa ka, etlere ha o amohela ditaba tsa ka, mme o ipolokela melao ya me ka ho wena,


Ntlo e hahuwa ka bohlale, e tiiswa ka masene,


Mora wa ka, o se ke wa lebala thuto tsa ka, pelo ya hao e ke e boloke dikeletso tsa me;


Ana bohlale ha bo howe na? Le kutlwisiso ha e phahamise lentswe la yona na?


Helang! lona kaofela ba nyorilweng, tloong metsing; le lona bao le se nang tjhelete, tloong, ithekeleng, mme le je. Tloong, le ithekele veine le lebese, le se na tjhelete, le se na ho reka.


Hape, ke re ho wena, o Petrose, mme kahodima lejwe leo, ke tla haha kereke ya ka, mme dikgoro tsa nqalo ya bafu ha di ka ke tsa e hlola.


Jakobo, le Kefase, le Johanne, eitse ha ba lemoha mohau oo ke o neilweng, ba re nea matsoho a bolekane, nna le Barnabase, hore rona re ikele ho baditjhaba, mme bona ba ye ho ba lebollo.


hore, leha nka dieha, o tle o tsebe kamoo ho tshwanetsweng ho etswa kateng, ka tlung ya Modimo, eo e leng kereke ya Modimo o phelang, tshiya le motheo wa nnete.


Ya hlolang, ke tla mo etsa tshiya tempeleng ya Modimo wa ka, mme ha a sa tla hlola a etswa teng; mme ke tla ngola hodima hae lebitso la Modimo wa ka, le lebitso la motse wa Modimo wa ka, e leng Jerusalema e motjha, ya theohang lehodimong ho Modimo wa ka, le lebitso la ka le letjha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ