Pilato a re ho yena: Ke ho re, o morena na? Jesu a mo araba, a re: O a bolela, ke morena; ke tswaletswe hona, mme ke tletse hona lefatsheng, ke tle ke pake nnete. E mong le e mong eo e leng wa nnete, o utlwa lentswe la ka.
Jesu a araba, a re ho bona: Leha ke ipaka, bopaki ba ka ke ba nnete; hobane ke tseba moo ke tswang teng le moo ke yang teng; empa lona, ha le tsebe moo ke tswang teng le moo ke yang teng.