6 Mamelang, hoba ke tla bua tse kgolo, melomo ya ka e hlahise tse lokileng.
6 Theang tsebe ke le bolelle tsa bohlokwa, ke le phatlalletse tse lokileng.
Molomo wa ka o tla bolela bohlale, dinahano tsa pelo ya ka di rute kutlwisiso.
Mme ke tla nyakalla kahare ho nna, ha o bua ka ho loka ka melomo ya hao.
Hobane ke le ruta thuto e molemo; le se ke la ba la lahla dithuto tsa ka.
hore ho etsahale polelo ya moporofeta, ya itseng: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho, ke pepese ditaba tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa.
e leng sephiri se nnileng sa patwa mehleng yohle le melokong yohle, empa jwale se pepeseditswe bahalaledi ba wona;