Utlwang, lona ditjhaba kaofela! Sekeha tsebe, wena lefatshe le seo o tletseng sona, Morena Jehova e be yena ya pakang tsa lona, Morena a le tlung ya hae e kgethehileng!
Hobane Modimo o ratile lefatshe hakalo, o bile wa le nea Mora wa wona ya tswetsweng a nnotshi; hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.
ha le fela le tiya tumelong, le theilwe teng, le sa sisinyehe, mme le sa lahle tshepo ya Evangeli eo le e utlwileng, e leng yona e boleletsweng babopuwa bohle ba tlasa lehodimo; eo nna, Pauluse, ke entsweng mohlanka wa yona.
Ke yena eo re mmolelang, re ntse re tsosa batho bohle, mme re ruta batho bohle bohlale bohle, re tle re hlahise batho bohle pela Modimo, e le baphethehi ka ho Jesu Kreste.