Tjhadimo ya difahleho tsa bona e a ba tswa, ba tumisitse dibe tsa bona jwaloka Sodoma, ha ba ka ba di pata; ho madimabe meya ya bona, hobane ke bona ba ipatletseng kotsi.
Le ratelang ho shwa ke lerumo le ke tlala le ke lefu la sewa, wena le setjhaba sa hao, kamoo ho boletseng Jehova kateng, bakeng sa setjhaba se sa tlo sebeletsa morena wa Babilona?
Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?
Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?
Yaba Pauluse le Barnabase ba ba bolella pontsheng, ba re: Ho ne ho tshwanetse hoba lentswe la Modimo le bolellwe lona pele; erekaha le le hana, mme le ikahlola e le lona hore ha le a tshwanelwa ke bophelo bo sa feleng, bonang, re retelehela ho baditjhaba.
ha le bona, eo e leng ya hataketseng Mora Modimo ka maoto, ya entseng madi a selekane ao a hlatswitsweng ka wona ntho feela, ya nyefotseng Moya wa mohau, yena ho tla lekanngwa hoba o tshwanelwa ke kotlo e fetisang hakakang!