32 Jwale, bana, nkutlweng! Ho lehlohonolo ba yang ka tsela tsa ka.
32 “Jwale, bana ba ka, mmameleng! Ho lehlohonolo ba tsamayang tseleng tsa ka.
Hobane ke bolokile ditsela tsa Jehova; ha ke a ka ka kwenehela Modimo wa ka ka bolotsana;
Sekoti le lefu di re: Re utlwile modumo wa jona ka ditsebe feela.
Ho lehlohonolo motho ka mong ya tshabang Jehova, ya tsamayang ditseleng tsa hae.
Hobane ke bolokile ditsela tsa Jehova, mme ha ke a ka ka kwenehela Modimo wa ka.
Tshenolo ha e le siyo, ha ho molao setjhabeng; empa ya bolokang molao, o lehlohonolo hakakang!
Ho lehlohonolo motho ya fumaneng bohlale, ya fihletseng kutlwisiso;
Ke sefate sa bophelo ho ba bo ruileng, ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo.
Mme jwale, lona bana, nkutlweng, le se ke la ba la kgeloha ditaba tsa molomo wa ka.
Ka baka leo, bana ba ka, mmameleng, le ele dipolelo tsa molomo wa ka hloko.
A mpa a re: E, empa haholo ho lehlohonolo ba utlwang lentswe la Modimo, mme ba le boloka.