28 mohla a tiisang maru hodimo; mohla a bilosang mehlodi ya madiba;
28 ha a etsa lenamola la maru, a le etsa sepakapakeng, a phunya mehlodi ya madiba a e tsitsisa;
Modimo wa etsa sebaka, mme wa arohanya metsi a katlase ho sebaka le metsi a ka hodimo le sebaka. Mme ha eba jwalo.
Jwale Modimo wa re: Metsi a katlase ho mahodimo a bokellwe hammoho sebakeng se le seng, mme ho hlahe moo ho omileng. Mme ha eba jwalo.
Ka selemo sa makgolo a tsheletseng sa ho phela ha Nowe, ka kgwedi ya bobedi, ka tsatsi la leshome le metso e supileng la kgwedi, ka tsatsi leo, mehlodi ya bodiba bo boholo ya phunyeha, mme dithoba tsa lehodimo tsa thiboloha.
Mehlodi ya bodiba le dithoba tsa lehodimo tsa thijwa, mme pula ya lehodimo ya seswa.
O thibela metsi marung a wona, mme maru ha a phatlohe ka boima ba wona.
Na o finyeletse mehloding ya lewatle? Na o ile wa fihla bofellong ba sekoti sa bodiba na?
eitse ha o kgalemela, a baleha; ha a utlwa lentswe la diaduma tsa hao, a phakisa a itshuthisa;
O entse mahodimo le lefatshe, lewatle le tse ho lona kaofela, o boloka nnete ka ho sa feleng.
Jehova o theile lefatshe ka bohlale, o adile mahodimo ka kelello.
Mohla a lokisang mahodimo, ke ne ke le teng; mohla a dikadiketsang lewatle ka moedi;
le mohla a laelang lewatle hore metsi a lona a se ke a tlola lebopo; le mohla a lekanyang metheo ya lefatshe.
A re ho bona: Batho ba tumelo e nyenyane, le boi keng na? Yaba o ema, a kgalemela meya le lewatle; mme kgutso e kgolo ya eba teng.