Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 8:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Mohla a lokisang mahodimo, ke ne ke le teng; mohla a dikadiketsang lewatle ka moedi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

27 Ke ne ke le teng ha a bea mahodimo bakeng sa wona, a seha moedi wa loapi, a o seha hodima mawatle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 8:27
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O dikadikeditse sebaka sa metsi ka sedikwadikwe, ho kgutla moo lesedi la arohanang le lefifi.


Jehova o beile terone ya hae mahodimong, mme borena ba hae bo busa dintho tsohle.


Ya entseng mahodimo ka kelello: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.


Jehova o theile lefatshe ka bohlale, o adile mahodimo ka kelello.


Jehova a eso ho etse lefatshe, le dinaha, leha e le tholenyana ya lerole la lefatshe.


mohla a tiisang maru hodimo; mohla a bilosang mehlodi ya madiba;


O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.


Ke yena ya nang le terone ya hae hodima phikoloho ya lefatshe, leo ba ahileng ho lona ba leng ho yena jwaloka ditsie; ke yena ya menollang mahodimo jwaloka lesela le lesesane la kase, mme o a phutholla jwaloka tente ya ho aha teng.


Ke wona o entseng lefatshe ka matla a wona, o lokisitse lefatshe le ahilweng ka bohlale ba wona, ka hlalefo ya wona o sarolotse mahodimo.


Hobane ka ho yena ho hlodilwe tsohle tse mahodimong le tse lefatsheng, tse bonwang le tse sa bonweng, leha e le diterone, leha e le marena, leha e le dihlooho, leha e le mebuso; tsohle di hlodilwe ka yena, mme di hloletswe yena.


jwale, mehleng ena ya qetello o buile le rona ka Mora, eo o mmeileng mojalefa wa ntho tsohle, eo hape o entseng ka yena tse bopilweng kaofela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ