Bapatsang ka tseo le nang le tsona, mme le fane; iketsetseng mekotla e sa tsofaleng, letlotlo le sa feleng mahodimong, moo leshodu le sa atameleng teng, le moo tshwele e sa senyeng.
jwaloka hoja re hlomohile, athe re thabile kamehla; jwaloka hoja re a fumaneha, athe re ruisa ba bangata; jwaloka hoja ha re na letho, athe re ruile ntho tsohle.
Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?
ke a o eletsa hore o ithekele ho nna kgauta e hlwekisitsweng mollong, o tle o rue; le diaparo tse tsweu, o tle o apare, dihlong tsa bofeela ba hao di tle di se ke tsa bonahala; o ithekele le setlolo sa mahlo, ho a tlotsa ka sona, o tle o bone.