Diproverbia 8:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)15 Ke ka nna marena a renang; esale ka nna mahosana a laelang ka ho loka. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE15 Ke ka nna kgosi di tsebang ho rena, le babusi ba etsang melao e lokileng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Modimo wa re ho Salomone: Erekaha o hopotse jwalo pelong ya hao, o sa ka wa kopa lefumo, leha e le menono, kapa botumo, leha e le ho shwa ha dira tsa hao, o sa ka wa ikopela leha e le matsatsi a mangata, wa mpa wa ikopela bohlale le kelello, hore o tle o tsebe ho ahlolela setjhaba sa ka seo ke o beileng morena wa sona,
O tla lelekwa, o tlohe hara batho; o tla ikahela le diphoofolo tsa naha, o tla fuwa jwang, o bo je jwaloka kgomo; o tla kolobiswa ke phoka ya lehodimo, mme ngwaha o tla feta hasupa hodimo hao, ho fihlela o ba o tseba hobane Mookamedi ya phahameng o na le mmuso hodima borena ba motho, le hobane a ka bo fa eo a ratang ho mo fa bona.