Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 8:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Nna, bohlale, ke ahisane le masene; tsebo ya dikelello tsa hlalefo e fihlelwa ka nna.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Nna, Bohlale, ke fana le ka masene, tsebo le tlhalohanyo le tsona ke di ruile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 8:12
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa leloko la Nefthali, ntatae e le motho wa Tire, lelala la koporo; e ne e le motho ya nang le kelello le kutlwisiso, le masene a ho sebetsa mesebetsi yohle ya koporo. A tla ho morena Salomone, a sebetsa mesebetsi ya hae yohle.


A mo nea le setshwantsho sa ntho tsohle tseo a di hopotseng moyeng wa hae bakeng sa mabala a ntlo ya Jehova, le sa dikamore tse sikang le dipolokelo tsa matlotlo a ntlo ya Modimo le tsa matlotlo a sehalalelo,


Davida a re: Tsohle tseo, Jehova o nneile kutlwisiso ya tsona ka ho di ngola ka letsoho la hae, ke re, mesebetsi yohle ya tekanyetso eo.


Eitse ha Bajuda ba reteleha, ba bona ntwa e ba tlela kapele le kamorao. Yaba ba howeletsa ho Jehova; baprista ba letsa diterompeta;


Jehova, mesebetsi ya hao e mengata hakakang! O e entse kaofela ka bohlale; lefatshe le tletse matlotlo a hao.


Yaba Moshe o re ho bana ba Iseraele: Bonang, Jehova o bitsitse ka lebitso la hae Betsaleele, mora Uri, mora Hure, wa leloko la Juda;


ho hlalefisa sethoto, ho nea mohlankana tsebo le kelello.


Oho! lona dithoto, ithuteng masene; le lona mawatla, le batle kutlwisiso.


Hobane Modimo wa hae o mo rutile mokgwa o lokileng, o mo tsebisitse kamoo ho ka etswang kateng.


A bodiba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ya Modimo! Dikahlolo tsa wona ha di hlalohanngwe hakakang! Ditsela tsa wona ha di na ho fihlelwa hakakang!


Hape, ke ka ho Kreste re entsweng lefa la wona, kamoo re neng re rerelwe hona pele kateng, ka morero wa ya sebetsang dintho tsohle ka phehello ya thato ya hae;


oo Modimo o re atiseditseng wona ka bohlale bohle le ka kelello yohle;


hore jwale bohlale ba Modimo, bo leng bongata mekgweng ya jona, bo bonahale ka kereke, ho baholo le ho mebuso mahodimong,


eo matlotlo kaofela a bohlale le a tsebo a patilweng ka ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ